Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 13:9 - BIBELE

9 Re tseba ka mokgwa o sa phethahalang, mme re porofeta ka mokgwa o sa phethahalang,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane re tseba ka nqa e le nngwe, mme re porofeta ka nqa e le nngwe feela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Hobane re tseba ka mokgwa o sa fellang, mme re porofeta ka mokgwa o sa fellang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Hobane re tseba ka mokgwa o sa fellang, mme re porofeta ka mokgwa o sa fellang.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 13:9
16 Referencias Cruzadas  

Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?”


Tsebo ena e makatsang e a mpheta; e tebile hoo nke keng ka e fihlela.


Ho lehlohonolo motho ya tshepang, ya beileng tshepo ya hae ho Morena, ya sa kgemeng le baikakasi, le ba kgeloswang ke mashano.


Ya nyolohetseng lehodimong a ba a theoha ke mang? Ya fupereng moya ka diatla tsa hae ke mang? Ya bokeletseng metsi ka aparong sa hae ke mang? Ya sehileng meedi ya dipheletso tsa lefatse ke mang? Lebitso la hae ke mang? La mora wa hae lona ke mang? Haeba o a tseba, bolela!


“Tsohle ke di neetswe ke Ntate, mme ha ho ya tsebang Mora haese Ntate, hape ha ho ya tsebang Ntate haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.


“Ke mang ya tsebang mehopolo ya Morena? Ke mang eo e bileng moeletsi wa hae?”


empa mohla ho hlahang ho phethehileng, ho sa phethahalang ho tla fela.


Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.


Empa jwalokaha ho ngotswe, “Tseo leihlo le sa kang la di bona, tsebe e sa kang ya di utlwa, le kelello ya motho e sa kang ya di lekanya, ke tsona tseo Modimo a di lokiseditseng ba mo ratang.”


Haeba motho a lekanya hore o na le tsebo, ha a eso ka a tseba ho ya kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


Nna ke e monyenyane hara badumedi bohle, empa ke abetswe mosebetsi ona o kgethehileng, wa ho bolella baditjhaba molaetsa o molemo wa menono e ke keng ya lekanngwa ya Kreste,


Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos