Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 13:1 - BIBELE

1 Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke se na lerato, ke itshwanela feela le tshepe e llang kapa lekapa le etsang mangenengene.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, ha ke se na lerato, ke jwaloka koporo e llang, leha e le simbala e modumo o moholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Leha nka bua ka maleme a batho le a mangeloi, mme ha ke se na lerato, ke jwaloka koporo e llang, kapa cymbala e llang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Leha nka bua ka maleme a batho le a mangeloi, mme ha ke se na lerato, ke jwaloka koporo e llang, kapa cymbala e llang.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 13:1
22 Referencias Cruzadas  

mo roriseng ka mangenengene a ketemanang, mo roriseng ka mangenengene a llang haholo.


“O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’


Dipontsho tse tla felehetsa ba dumetseng ke tsena he: Ba tla leleka bademona ka lebitso la ka, ba bue dipuo tse ntjha,


Ha o swabisa ngwaneno ka dijo tsa hao, ha o sa sebetsa ka lerato. Ka dijo tsa hao, o se ke wa timetsa eo Kreste a mo shwetseng.


Moya o nea e mong matla a ho etsa mehlolo, e mong ho porofeta, e mong ho kgetholla meya; Moya o nea e mong neo ya ho bua ka maleme asele, athe e mong o mo nea ho a hlalosa.


Haeba tsebe e ka re: “Erekaha ke se leihlo, ha ke karolo ya mmele,” ho rialo ho ke ke ha etsa hore le kgaotse ho ba karolo ya mmele.


Moya o nea e mong ho bua ka bohlale, athe wona Moya oo o nea e mong ho bua ka tsebo.


Lerato ha le ka ke la fela le ka mohla, empa dipolelo tsa boporofeta di tla fela, le neo ya maleme asele e tla kgaotsa, le tsebo e tla fela.


Motho ya buang ka leleme lesele ha a bue le batho, o bua le Modimo, hobane ha ho ya mo utlwisisang. O bolela diphiri ka Moya o Halalelang.


Ya buang ka leleme lesele o a imatlafatsa, empa ya porofetang o matlafatsa phutheho.


Nka thabela ha lona bohle le ka bua ka maleme asele, empa nka thabiswa haholo ke ha le porofeta. Ya porofetang ke motho wa bohlokwa ho feta ya buang ka leleme lesele, haese haeba yena a ka itlhalosa, e le hore phutheho e matlafale.


Jwale ke kena tabeng ya tse hlabetsweng medimo ya bohata. Ke nnete hore rona re na le tsebo tabeng ena. Tsebo eo e ye e bake boikgohomoso, empa lerato le a hodisa.


o kile a nkelwa paradeising, a utlwa mantswe a ke keng a buuwa, ao motho a sa dumellwang ho a bolela.


Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi,


hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.


Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.


Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.


Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.


Ka utlwa modumo o tswang lehodimong, o kang modumo wa metsi a lewatle, o kang modumo o tshabehang wa letolo. Modumo oo ke ileng ka o utlwa e ne e ka wa baletsi ba diharepa, ba letsang diharepa tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos