Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 12:18 - BIBELE

18 Empa Modimo o hlophile ditho tsa mmele, se seng le se seng, kamoo a ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme jwale, Modimo o beile ditho mmeleng, se seng le se seng sa tsona, kamoo o ratileng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Empa jwale Modimo o behile ditho se seng le se seng sa tsona mmeleng, kamoo o ratileng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Empa jwale Modimo o behile ditho se seng le se seng sa tsona mmeleng, kamoo o ratileng kateng.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 12:18
18 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Morena o etsa tsohle tseo a di ratang, mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng wohle.


Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’


Kahoo ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Oho, Morena, o se ke wa re timetsa, wa re re bolaile monna enwa. O se ke wa re bea molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane wena Morena, o entse se o kgahlang.”


Ka yona nako eo, Jesu a nyakalatswa ke Moya o Halalelang, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse masea. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.


“Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.


Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.


Jwale re na le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng. Ya neilweng ho porofeta, a porofete ka ho ya ka tumelo;


Tsena tsohle di etswa ke wona Moya oo o le mong feela, mme o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.


Haeba mmele wohle e ne e le leihlo, ho ne ho tla utluwa kang? Haeba mmele wohle e ne e le tsebe, ho ne ho tla fofonelwa kang?


Haeba ditho tsohle e ne e le setho se le seng, mmele o ka be o le kae?


e leng seo ditho tsa rona tseo re seng dihlong ka tsona di sa se hlokeng. Empa Modimo o bopile mmele, a nea ditho tse eisehang hlompho e fetisisang,


Bao Modimo a ba beileng kerekeng ke bana: ba pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti; ho nto latela ba etsang mehlolo, le ba dineo tsa ho fodisa kapa ho thusa ba bang, kapa ho busa, kapa ho bua ka maleme asele.


Ka yona Modimo o medisa semela, kamoo a ratang kateng, ho ya ka mefuta e fapaneng ya ditlhaku.


Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng.


A rera e sa le pele hore, ka Jesu Kreste, re be bana ba hae, ho ya ka ho rata ha hae le ka ho kgahlwa ha hae,


O re tsebisitse sephiri sa thato ya hae, e leng morero o mo kgahlileng e sa le pele.


“Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos