Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 11:19 - BIBELE

19 E, eka kgona dikarohano di be teng hara lona, e le hore bao e leng ba nnete ba tle ba bonahale.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 hobane dikgaohano le tsona e ka kgona di be teng hara lona, hore ho tle ho bonahale bao e leng ba sebele hara lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Hobane dikgelo di tshwanetse ho ba teng hara lona, hore ba dumetseng ba bonahatswe hara lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Hobane dikgelo di tshwanetse ho ba teng hara lona, hore ba dumetseng ba bonahatswe hara lona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 11:19
19 Referencias Cruzadas  

Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso. Dikgopiso di tlameha ho hlaha, empa ho madimabe motho eo dikgopiso di hlahang ka yena.


Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Hase ho ka etsahalang hore meleko e se ke ya eba teng, empa ho madimabe eo e tlang ka yena.


hore maikutlo a dipelo tse ngata a senolehe. Le wena ka sebele lerumo le tla o hlaba moya.”


Empa ba bang ba mokga wa Bafarisi, ba dumetseng, ba ema, ba re: “Eka kgona ba bolotswe, mme ba laelwe ho boloka Molao wa Moshe.”


Esita le ho lona ka sebele ho tla hlaha banna ba tla sotha nnete, ho kgelosa barutuwa hore ba ba sale morao.


Ke ipolela ho wena hore Tsela ena eo ba reng ke ya mokga osele, ke eo ke rapelang Modimo ka yona. Empa ke ntse ke dumela tsohle tse dumellanang le Molao le tse ngotsweng dibukeng tsa Baporofeta.


“Re fumana monna enwa a le kotsikotsi, a fehla moferefere hara Bajuda lefatsheng lohle, e bile e le moetapele wa mokga wa Banasaretha.


Kaha ba ntsebile ho tloha kgale, haeba ba rata ba ka paka hore ke ile ka phela ke le Mofarisi, ke le wa mokga wa tumelo ya rona, o ditaelo di thata.


Empa re fumana ho lokela ho utlwa tseo wena o di hopolang, hobane seo re se tsebang ke hore, ha e le mokga ona, o hanyetswa hohle.”


Moprista e Moholo le ba nang le yena, ba mokga wa Basaduke, ba ema lepaketla, ba tlala mohono,


Ka baka leo, ha le phutheha mmoho, ha le phuthehele ho ja Selallo sa Morena,


Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere.


tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano,


lona le se ke la mamela polelo ya moporofeta eo, kapa ya molori eo, hobane Morena Modimo wa lona, o a le leka, ho bona hore na le rata Morena Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.


Ya bakang dikarohano o mo kgalemele hanngwe kapa habedi, ebe o kgaohana le yena.


Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos