Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 9:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme ka ntho tse tharo tsena, mollo, mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona, karolo ya boraro ya batho ya eshwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka dikotlo tsena tse tharo, e leng mollo, le mosi, le sebabole, tse betsehang melomong ya tsona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka tsena tse tharo, ka mollo, le ke mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka tsena tse tharo, ka mollo, le ke mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 9:18
9 Referencias Cruzadas  

Lengeloi la boraro la letsa terompeta ya lona, mme ha wa lehodimong naledi e kgolo, e tukang jwaloka serumula, mme ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka le ya didiba tsa metsi.


Lebitso la naledi eo ke Lengana, mme karolo ya boraro ya metsi ya fetoha lengana, mme batho ba bangata ba eshwa ke metsi ao, kahobane a fetohile a babang.


Lengeloi la bone la letsa terompeta ya lona; mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi, e le hore ho fifale karolo ya boraro ya ntho tseo, mme ho fifale le karolo ya boraro ya lesedi la motshehare le la bosiu.


Lengeloi la pele la letsa terompeta ya lona, mme ha hlaha sefako le mollo, ho kopane le madi; ntho tseo tsa akgelwa lefatsheng; mme ha etjha karolo ya boraro ya lefatshe, ha etjha le karolo ya boraro ya difate, le jwang bo botala ba etjha kaofela.


Lengeloi la bobedi la letsa terompeta ya lona, mme ntho e kang thaba e kgolo, e tukang ke mollo, ya akgelwa lewatleng, mme karolo ya boraro ya metsi a lewatle ya fetoha madi;


mme karolo ya boraro ya dibopuwa tse phelang, tse lewatleng, ya eshwa, le karolo ya boraro ya dikepe ya timela.


Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a seng a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le ngwaha, hore a tle a bolaye karolo ya boraro ya batho.


Ponong ya ka ka bona jwalo le tsona dipere, le ba di kaletseng; ditshireletso tsa bona e ne e le tsa mollo, le tsa hiasinthe, le tsa sebabole; dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau; ho ne ho etswa melomong ya tsona mollo, le mosi, le sebabole.


Hobane matla a dipere tseo a ne a le melomong ya tsona le mehatleng ya tsona; mehatla ya tsona e ne e tshwana le dinoha, e na le dihlooho tseo e senyang ka tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos