Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka bona mangeloi a supileng a emeng pela Modimo, mme a newa diterompeta tse supileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Yaba ke bona mangeloi a supileng, a emeng kapele ho Modimo, a newa diterompeta tse supileng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Ka bona mangeloi a supileng a emeng pela Modimo; mme ba newa diterompeta tse supileng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ka bona mangeloi a supileng a emeng pela Modimo; mme ba newa diterompeta tse supileng.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 8:2
18 Referencias Cruzadas  

Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.


Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.


O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate.


Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.


hang, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ya morao; hobane terompeta e tla lla, mme bafu ba tla tsoha, ba se ke ba boela ba bola, mme le rona re tla fetoha.


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae,


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Yaba ke bona lehodimong mohlolo o mong, o moholo, o makatsang, e leng mangeloi a supileng a tshwereng dikotsi tse supileng tsa qetello; hobane bohale ba Modimo bo ya phetheha ka tsona.


Yaba ke utlwa lentswe le leholo, le tswang tempeleng, le howeletsa mangeloi a supileng, le re: Eyang, le tshollele lefatsheng dinkgo tse supileng tsa bohale ba Modimo.


Jwale, ka bona, ka ba ka utlwa ntsu e nngwe e fofang sebakeng sa lehodimo, e re ka lentswe le phahamileng: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng, ka baka la mantswe a sa setseng a diterompeta tsa mangeloi a mararo a sa tlang ho di letsa!


Yaba mangeloi a supileng, a tshwereng diterompeta tse supileng, a itokisetsa ho di letsa.


Lengeloi la bohlano la letsa terompeta ya lona, mme ka bona naledi e tswang lehodimong e wetseng lefatsheng; ya newa senotlolo sa sekoti sa dihele,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos