Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ya ka tsebang ho ba bala, ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba eme pela terone le pela Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu, ba tshwere dipalema matsohong a bona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Kamora tseo ka tadima, mme, bonang, bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ya ka tsebang ho ba bala, ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba mefuta yohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba eme pela terone le pela Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu, ba apere dipalema. matsoho a bona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Kamora tseo ka tadima, mme, bonang, bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ya ka tsebang ho ba bala, ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba mefuta yohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba eme pela terone le pela Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu, ba apere dipalema matsoho a bona;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 7:9
41 Referencias Cruzadas  

Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.


Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Kopa ho nna, mme ke tla o fa ditjhaba e be lefa la hao, le dipheletso tsa lefatshe e tle e be leruo la hao.


Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;


O fetisa dithaba tsa mashodu ka kganya le ka bokgabane!


Ka letsatsi la ka la matswalo ke batla Morena, ka bosiu matsoho a ka a otlolohile, a sa kgathale; moya wa ka o hana tshediso.


O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae bakeng sa ntlo ya Iseraele; dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone poloko ya Modimo wa rona.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


Mehleng eo, Jerusalema e tla bitswa terone ya Jehova; ditjhaba tsohle di tla phuthehela Jerusalema ka baka la lebitso la Jehova; mme ha di sa tla tsamaya ka bothata ba dipelo tse mpe tsa tsona.


A boela a lekanya ditswe tse sekete; e be e se e le noka eo ke sitwang ho e tshela, hobane metsi a ne a le mangata; e le metsi a tshwanetseng ho tshelwa ka ho sesa, e le noka e ke keng ya tshelwa feela.


Nna morena Nebukadnesare, ke ngolla batho bohle, le ditjhaba, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, ke re: Kgotso e ke e le atele!


Yaba morena Dariuse o ngolla ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, a re: Le atelwe ke kgotso! Le newa molao ke nna,


Athe palo ya bara ba Iseraele e tla ba jwaloka lehlabathe la lewatle le se nang ho lekanngwa, leha e le ho balwa, mme moo ho itsweng ho bona: Ha le setjhaba sa ka, teng ba tla bitswa: Bara ba Modimo o utlwang.


Ka letsatsi la pele, le tla inkela ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le mahlaku a matenya a difate le a meduwane ya noka, mme le tla ithabela pela Jehova, Modimo wa lona, ka matsatsi a supileng.


Ke tla ba letsetsa molodi, ke ba bokelle, hobane ke ba lopolotse, mme ba tla ata jwalokaha ba ne ba atile pele.


Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.


Ho sa le jwalo, batho ba dikete ba ne ba phuthehile hammoho, ba bile ba hatellana; mme Jesu a qala ho bua le barutuwa ba hae pele, a re: Le tshabe ditomoso tsa bafarisi, e leng boikaketsi.


Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.


ba nka makala a difate tsa palema, mme ba tswela ho mo kgahlanyetsa, ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe morena wa Iseraele, ya tlang ka lebitso la Morena!


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho tiya ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlotse tsohle.


Ka baka leo, ho kile ha hlaha ka motho a le mong, ya seng a itjhweletse, bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo le lehlabathe le se nang ho balwa le lebopong la lewatle.


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, Jerusalema wa lehodimo, diketeng tsa dikete tsa mangeloi,


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Anathema ha e sa tla hlola e eba teng; se leng hona teng ke terone ya Modimo le ya Konyana, mme bahlanka ba wona ba tla o sebeletsa;


ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.


Terone hape e ne e dikeditswe ke diterone tse ding tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ka bona baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutse, ba apere diaparo tse tshweu, ba rwetse meqhaka ya kgauta dihloohong tsa bona.


Jwale, ka tadima, mme ka utlwa mantswe a mangeloi a mangata a teetseng terone, le dibopuwa tse phelang tse nne le baholo hare, mme palo ya wona e ne e le dikete tse dikete le mashome a dikete a mashome a dikete.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


Yaba e mong le e mong o newa seaparo se selelele se sesweu. Mme ba bolellwa hore ba ke ba phomole ho se hokae, palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya banababo bona ba sa tlang ho bolawa jwaloka bona, e tle e be e phethehe.


ba leloko la Sabulone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Josefa ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Benjamine ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos