Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme dibopuwa tse phelang, enere ha di isa kganya, le hlompho, le teboho ho ya dutseng teroneng, ya phelang kamehla le mehla,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ha dibopuwa tse phelang di isa tlotla, le hlompho, le teboho, ho ya dutseng teroneng, ho ya phelang kamehla le mehla,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Mme etlare ha dibatana tseo di tlotlisa Ya dutseng teroneng, ya phelang ka ho sa feleng, le hlompho, le diteboho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme etlare ha dibatana tseo di tlotlisa Ya dutseng teroneng, ya phelang ka ho sa feleng, le hlompho, le diteboho.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 4:9
20 Referencias Cruzadas  

Modimo o rena hodima ditjhaba; Modimo o dutse teroneng e halalelang ya wona.


Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.


Jehova o tla rena kamehla e sa feleng.


Ka selemo sa ho shwa ha morena Osiase, ka bona Jehova a dutse teroneng e kgolo, e phahameng; mophetho wa seaparo sa hae wa tlala tempele.


Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.


Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!


Hobane ke emisetsa letsoho la ka lehodimong, mme ke re: Ke phela ka ho sa feleng!


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Mme mona, ba nkang karolo ya leshome, ke batho ba shwang; empa mono, ya e nkileng, ke eo ho bolelwang hore o a phela.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


mme la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya bopileng lehodimo le tse ho lona, le lefatshe le tse ho lona, le lewatle le tse ho lona, hore tieho ha e sa tla ba teng;


Mme se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne sa nea mangeloi a supileng dinkgo tsa kgauta tse supileng, tse tletseng bohale ba Modimo o phelang ka ho sa feleng.


Jwale ya dutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A ntoo re ho nna: Ngola; hobane dipolelo tseo di tiile; ke tsa nnete.


Yaba hang, ke nkwa ke Moya; mme, bonang, terone e ne e beilwe lehodimong, mme e mong o ne a dutse teroneng eo.


Dipobuwa tse nne tseo tse phelang, se seng le se seng sa tsona se ne se medile dipheo tse tsheletseng, mme se ne se tletse mahlo ka nqa tsohle le kahare; mme di ne di sa phetse, motshehare le bosiu, ho re: O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo, Ya matla wohle, ya neng a le teng, ya ntseng a le teng, ya tla nne a be teng.


Mme ka bona letsohong le letona la ya dutseng teroneng buka e ngodilweng kahare le kantle, e tiisitsweng ka ditiiso tse supileng.


ba re ho dithaba le ho mafika: Re weleng hodimo, le re pate pela sefahleho sa ya dutseng teroneng le pela bohale ba Konyana.


Ke ka lebaka leo ba leng pela terone ya Modimo, mme ba o sebeletsa motshehare le bosiu tempeleng ya wona; mme ya dutseng teroneng o tla ba sireletsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos