Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla; hobane o hlodile dintho kaofela, mme ke ka ho rata ha hao di leng teng, di bileng di bopilwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 4:11
31 Referencias Cruzadas  

Tshimolohong, Modimo o ne o hlole mahodimo le lefatshe.


Ke howeletsa, ke re: Jehova o loketse ho bokwa! Mme ke namolelwa matsohong a dira tsa ka.


Balevi, Joshua, Kadmiele, Bani, Hashabnia, Sherebia, Hodia, Shebania, le Pethahia, ba re: Emang, le boke Jehova, Modimo wa lona, ka ho sa feleng le ka ho sa feleng! Ho bokwe lebitso la hao le kganyang, mme le phahamiswe ho feta dipoko tsohle le dithoko tsohle!


Ke tla lata tsebo ya ka hole, ke tle ke bontshe ho loka ha Mmopi wa ka.


Ke howeletsa, ke re: Jehova a ke a bokwe! mme ke namolelwa ho dira tsa ka.


Ereng: Matla ke a Modimo, oo boholo ba wona ba okamelang Iseraele, oo matla a wona a bonahalang marung.


Hobane ka matsatsi a tsheletseng, Jehova o ne a etse mahodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena, Jehova o hlohonolofaditse letsatsi la phomolo, mme o le beile le kgethehileng.


Jehova o etseditse dintho tsohle merero ya tsona; e, esita le e mobe, o etseditswe letsatsi la tlokotsi.


Lelalang hodimo, le tadime! Ya entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makgotla a tsona ka lenaneo, o di thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitweng ke letho; ha ho le e nngwe ho tsona e hlokahalang.


Na ha o tsebe, na ha o a ka wa utlwa hobane Jehova ke Modimo wa kamehla yohle, Mmopi wa dipheletso tsa lefatshe? Ha a kgathale, ha a fokole, kelello ya hae ha e lekanngwe.


Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo.


Oho Morena Jehova, bona, ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le otlolohileng; ha ho letho le ka o sitang.


ba re: Banna le etsetsang jwalo na? Athe le rona, re batho ba fokolang jwaloka lona; re le bolella hore le lese mekgwa eo ya bosawana, le hore le sokolohele ho Modimo o phelang, o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho wona.


Modimo o entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, e leng yena Morena wa lehodimo le wa lefatshe, o ke ke wa aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho;


Hobane ntho tsohle di tswa ho yena, di eme ka yena, mme di etsetswa yena. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


mme ke pepese pela bohle ditaba tsa sephiri seo, se neng se patilwe, mehla ya bohloleho e eso ho qale, ka ho Modimo o hlodileng dintho tsohle;


Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.


Hape ho itswe: Haele wena, Morena, o ne o thee lefatshe tshimolohong, mme mahodimo ke mesebetsi ya matsoho a hao;


jwale, mehleng ena ya qetello o buile le rona ka Mora, eo o mmeileng mojalefa wa ntho tsohle, eo hape o entseng ka yena tse bopilweng kaofela.


Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe tsa rona mading a hae, a ba a re bea marena le baprista ho Modimo, Ntatae, ho iswe kganya le matla kamehla le mehla! Amen!


mme la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya bopileng lehodimo le tse ho lona, le lefatshe le tse ho lona, le lewatle le tse ho lona, hore tieho ha e sa tla ba teng;


la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


Kamora tseo, ka utlwa lehodimong ho kang lentswe la bongata bo boholo, le re: Alleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Modimo wa rona;


A ne a re ka lentswe le phahamileng: Konyana e neng e hlajwe e loketse ho nka borena, le monono, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le teboho.


Mme ka bona lengeloi le matla le howang ka lentswe le phahamileng, le re: Ke mang ya nang le tokelo ya ho phetla buka le ya ho manolla ditiiso tsa yona?


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos