Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele, leo ke neng ke le utlwile le bua le nna, le kang la terompeta, la re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho hlaha kamora tseo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona monyako o butsweng lehodimong. Lentswe lane la pele, le neng le bua le nna, le ka modumo wa terompeta, ka utlwa le re: “Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tshwanetseng ho etsahala kamorao ho tsena.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele leo ke ileng ka le utlwa le ne le bua le nna, le kang la terompeta; a re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho etsahala kamora tsena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele leo ke ileng ka le utlwa le ne le bua le nna, le kang la terompeta; a re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho etsahala kamora tsena.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 4:1
21 Referencias Cruzadas  

Ke ana mabitso a bana ba Iseraele, ba neng ba ye Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ya le ba ntlo ya hae:


Yaba Jehova o re ho yena: Tsamaya, o theohe, le ntano nyoloha, wena le Aarone, empa baprista le setjhaba ba se ke ba phunyelletsa ho tla nyolohela ho Jehova, esere a tshoha a ba bolaya.


Jehova a re ho Moshe: Nyolohela ho nna thabeng, mme o hlole teng; ke tla o nea matlapa a nang le molao le taelo tseo ke di ngodileng hore ba rutwe tsona.


Hobane ho ka ba hotle ha ho ka thwe ho wena: Nyolohela mona; e seng hore ba o kokobetse pela morena eo o mmonang ka mahlo.


Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.


Eitse Jesu ha a kolobeditswe, a phakisa a tswa metsing, mme hang, mahodimo a phetlelwa yena; a bona Moya wa Modimo o theoha a ka leeba, o tla hodima hae.


A re a sa tswa metsing, a bona lehodimo le phetlwa, mme Moya o theohela hodima hae o ka leeba.


Yare ha batho bohle ba kolobetswa, Jesu a kolobetswa le yena; ha a ntse a rapela, lehodimo le phetlwa,


Empa etlare hobane eo a tle, e leng Moya wa nnete, o tla le tsamaisa nneteng yohle; hobane o ke ke wa bua o iqalla tsa wona; empa tsohle tseo o di utlwileng, o tla di bolela; le hona o tla le tsebisa tse tla tla.


A bona lehodimo le phetlilwe, mme ho theohela ho yena ntho e kang lesela le leholo, le tlamilweng dintlheng tse nne, le lepellelang fatshe.


A re: Bonang! ke bona mahodimo a phetlilwe, le Mora motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.


Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:


Yaba ke reteleha ho bona eo lentswe la hae le buang le nna. Eitse hobane ke retelehe, ka bona dikandelare tsa kgauta tse supileng;


Jwale, ngola ditaba tseo o di boneng, le tse leng jwale, le tse tlang ho tla kamora tsena,


Mme ba utlwa lentswe le matla le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Ba fela ba nyolohela lehodimong ka leru, ba ntse ba bonwa ke dira tsa bona.


Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Lengeloi la bosupa la tshollela nkgo ya lona sebakeng; mme lentswe le leholo la tswa tempeleng ka nqa ya terone, la re: Ho entswe!


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


La ntoo re ho nna: Ditaba tseo ke tse tiileng, ke tsa nnete; mme Morena, Modimo wa meya ya baporofeta, o romile lengeloi la hae ho bontsha bahlanka ba hae ditaba tse seng di tla hlaha kapele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos