Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Ngolla moruti wa kereke e Filadelfia, o re: “Tsena di bolelwa ke Ya Halalelang, ya nang le nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ha a butse, ha ho ya tla kwala, ha a kwetse, ha ho ya tla bula;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Ngolla lengeloi la kereke e Filadelfia; Ke tsena tse bolelwang ke Ya halalelang, wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, ho se ya kwalang; mme ha a kwala, mme ha ho ya bulang;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ngolla lengeloi la kereke e Filadelfia; Ke tsena tse bolelwang ke Ya halalelang, wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, ho se ya kwalang; mme ha a kwala, mme ha ho ya bulang;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 3:7
38 Referencias Cruzadas  

Ha o ka phalla, wa tshwara, wa isa kahlolong, o tla thibelwa ke mang na?


Bona, ha o senya, ha ho ya ka tsosang; ha o ka kwalla motho, ha ho ya ka mo bulelang.


Jehova o lokile ditseleng tsa hae tsohle, o mohau diketsong tsa hae tsohle.


hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu, o ke ke wa dumela hoba mokgethwa wa hao a bone ho bola.


Hobane thebe ya rona ke Jehova, morena wa rona ke Mohalaledi wa Iseraele.


Ke tla bea senotlolo sa ntlo ya Davida lehetleng la hae; o tla bula, mme ha ho ya tla kwala; o tla kwala, mme ha ho ya tla bula.


Kgelohang tsela, eyang kathoko, lesang ho bea Mohalaledi wa Iseraele pela mahlo a rona!


O se ke wa tshaba, wena sebokonyana, Jakobo, mosalanyana wa Iseraele; ke nna ke o thusang, ho bolela Jehova; Mohalaledi wa Iseraele ke Molopolli wa hao.


O tla a olosa, a ye le moya, sefefo se a hasanye; empa thabo ya hao e tla ba Jehova, kganya ya hao e be Mohalaledi wa Iseraele.


ba tle ba bone, ba tsebe, ba lemohe, ba elellwe kaofela hoba letsoho la Jehova le entse dintho tseo, le hoba Mohalaledi wa Iseraele ke yena moetsi wa tsona.


Molopolli wa rona, lebitso la hae ke Jehova wa makgotla, Mohalaledi wa Iseraele.


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele: Nna Jehova, Modimo wa hao, ke o ruta se o tshwanelang, ke o tsamaisa ka tsela eo o tshwanetseng ho tsamaya ka yona.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


Tsa howeletsana, tsa re: O a halalela, O a halalela, O a halalela, Jehova wa makgotla; lefatshe lohle le tletse kganya ya hae!


Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


a re: Taba ya rona le wena ke efe, wena Jesu wa Nasaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Ke a o tseba, o Mohalaledi wa Modimo.


O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae.


a re: Tloha! taba ya rona le wena ke efe, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a o tseba hoba o mang: o Mohalaledi wa Modimo.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


Le latotse Ya halalelang, Ya lokileng, mme le qetse hore le sitswe ka mmolai.


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!


Ka ba ka utlwa lengeloi le leng ka nqa ya aletare, le re: Efela, Morena, Modimo o matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete le tsa ho loka.


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.


Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re:


Jwale ya dutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A ntoo re ho nna: Ngola; hobane dipolelo tseo di tiile; ke tsa nnete.


Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:


Dipobuwa tse nne tseo tse phelang, se seng le se seng sa tsona se ne se medile dipheo tse tsheletseng, mme se ne se tletse mahlo ka nqa tsohle le kahare; mme di ne di sa phetse, motshehare le bosiu, ho re: O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo, Ya matla wohle, ya neng a le teng, ya ntseng a le teng, ya tla nne a be teng.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos