Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 21:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O dikeditswe ke lerako le leholo le phahamileng; o kenwa ka menyako e leshome le metso e mmedi; mangeloi a leshome le metso e mmedi a eme menyakong ya wona; mme mabitso a ngodilwe hodima yona, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 O ne o sireleditswe ke lerako le letenya, le phahameng, le nang le dikgoro tse leshome le metso e mmedi, tse lebetsweng ke mangeloi a leshome le metso e mmedi. Dikgorong ho ne ho ngotswe mabitso, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bara ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 O na le lerako le leholo le le phahameng, o na le menyako e leshome le metso e mmedi, mme menyakong ya teng ho na le mangeloi a leshome le metso e mmedi, mme ho wona ho ngodilwe mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 O na le lerako le leholo le le phahameng, o na le menyako e leshome le metso e mmedi, mme menyakong ya teng ho na le mangeloi a leshome le metso e mmedi, mme ho wona ho ngodilwe mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 21:12
21 Referencias Cruzadas  

Hape, ho ne ho le ditau tse leshome le metso e mmedi tse emeng hona teng, methatinyaneng e tsheletseng, ka nqa tse pedi ho yona. Ha ho a ka ha etswa ntho e jwalo mmusong ofe le ofe.


Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.


Mohla kgakolo ya lerako la Jerusalema, Balevi ba ya latwa metseng yohle ya bona, ha thwe, ba tle Jerusalema, ba tle ba etse kgakolo ka thabo le ka dithoko le ka difela, ka disimbala le diphala le diharepa.


Kgotso a e ke e be marakong a hao, le boiketlo matlung a hao a borena.


Leratong la hao o hlohonolofatse Sione; o hahe marako a Jerusalema!


Mahakwe a tla bewa ka ho ya ka lenaneo la mabitso a bana ba Iseraele, a le leshome le metso e mmedi ka palo ya mabitso a bona; e tla ba a meloko e leshome le metso e mmedi, le leng le le leng le be le lebitso la lona, le ngodilweng ka mokgwa wa tiiso ya mangolo.


Ke tla haha ditora tsa hao ka rubise, le menyako ya hao ka agate, le marako a hao kaofela ka mahakwe a bohlokwa.


Ha ho sa tla utlwahala bothata naheng ya hao, leha e le tshenyo le tshenyeho meeding ya hao; empa o tla rea marako a hao lebitso la Poloko, o ree menyako ya hao lebitso la Kganya.


Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.


Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.


Ha isaisa, mofutsana a shwa, mme mangeloi a mo nkela sefubeng sa Abrahama.


eo meloko ya rona e leshome le metso e mmedi e lebeletseng ho etsahala ha yona, e ntse e sebeletsa Modimo, bosiu le motshehare; ke ka baka la tshepo eo, morena Agripa, ke qoswang ke Bajuda.


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


Ka nqa ya botjhabela menyako e meraro; ka nqa ya leboya menyako e meraro; ka nqa ya borwa menyako e meraro, le ka nqa ya bophirimela menyako e meraro.


Ya buang le nna o ne a tshwere leqala la kgauta la ho lekanya motse le menyako ya wona le lerako la wona.


Menyako ya wona e ke ke ya kwalwa motshehare, etswe bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng ho wona.


Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, ba tle ba lokele ho ja sefate sa bophelo, mme ba kene motseng ka menyako ya wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos