Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 o tla di disa ka lere la tshepe, mme di tla thuwa jwaloka dipitsa tsa letsopa, kamoo le nna ke nkileng taelo ho Ntate kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 o tla di busa ka lere la tshepe, a di pshatle jwaloka dinkgo tsa letsopa,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 O tla di busa ka lere la tshepe; jwaloka dijana tsa mmopi wa dipitsa di tla thujwa, jwalokaha le nna ke amohetse ho Ntate.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 O tla di busa ka lere la tshepe; jwaloka dijana tsa mmopi wa dipitsa di tla thujwa, jwalokaha le nna ke amohetse ho Ntate.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:27
12 Referencias Cruzadas  

Ba soteletswa jwaloka dinku nqalong ya bafu, moo lefu e tla ba modisa wa bona; ka hosasa, ba lokileng ba tla bewa marena a bona; bokgabane ba bona bo ya fela, nqalo ya bafu ke moo ba tla aha teng.


O tla bolaya Juda jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi e bolawang ka boomo, eo ho seng lengeta le salang, leo motho a ka okgang mollo ifo ka lona, leha e le ho ya kga metsi sedibeng.


o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke tla pshatla setjhaba sena le motse wona jwalo, jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi, eo e sa tlo ka e kopanngwa. Mme ho tla patwa ditopo Tofethe, ka ho hloka sebaka moo ho patwang teng.


Empa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng ba tla amohela mmuso, ba o rue ka ho sa yeng kae.


ho fihlela Moholo wa matsatsi a ba a fihla, mme ho ahlolelwa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, le ho fihla mohla bahalaledi ba amohelang mmuso.


Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena.


Mme nna ke le nea mmuso, jwalokaha Ntate a nneile wona,


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.


A beleha mora, ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe; mme ngwana hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos