Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bona, ke se ke tla mo dihela diphateng, mme ba febileng le yena ke tla ba kenya tlokotsing e kgolo, ha ba sa baka diketsong tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Bona, ke mo akgela diphateng tsa bohloko, mme ba etsang bohlola le yena ke tla ba kenya matshwenyehong a maholo, haese ha ba ka bakela diketso tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Bona, ke tla mo lahlela diphateng, mme ba febang le yena ke ba dihele mahlomoleng a maholo, ha ba sa bake diketsong tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Bona, ke tla mo lahlela diphateng, mme ba febang le yena ke ba dihele mahlomoleng a maholo, ha ba sa bake diketsong tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:22
16 Referencias Cruzadas  

Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona.


Ba tla o etsetsa ka hloyo ya bona, ba be ba tlatlape leruo la hao kaofela, mme ba tla o tlohela o le feela, o hlobotse; ka mokgwa o jwalo, bofeela ba bootswa ba hao le ho boka ha hao le bohlola ba hao ba tla apolwa.


Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?


Ke ne ke itse: Feela o ntshabe, o amohele kgalemelo! ... Hoja o ka etsa jwalo, bodulo ba wona bo ka be bo sa tlo fediswa, ka tsohle tseo ke di laetseng hodima wona; empa ba tsohetse ho senya diketso tsa bona kaofela.


Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela.


Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela.


Mme jwale, ha ke boela ho lona, mohlomong Modimo wa ka o tla nkokobetsa ka lona, mme ke tla hlomoha ka ba bangata ba sitilweng pele, ba sa kang ba baka ditshileng, le bofebeng, le bohloleng boo ba bo entseng.


seo marena a lefatshe a febileng le sona, le ba ahileng lefatsheng ba tahilweng ke veine ya bootswa ba sona.


Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae; mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba enne ka boholo ba menono ya hae.


Mme marena a lefatshe a febileng le yena, a ileng a phela le yena menyakeng, a tla mo llela, a itete difuba, ha a bona mosi wa ho tjha ha hae;


Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos