Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena; ke hobane o dumella Jesebele, mosadi eo ya ipitsang moporofeta, ho ruta, le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, mme ba je dinama tse hlabetsweng medimo ya bohata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 “Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Leha ho le jwalo, ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o dumella mosadi eo Jesebele, ya ipitsang moporofeta wa mosadi, ho ruta le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba etse bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Leha ho le jwalo, ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o dumella mosadi eo Jesebele, ya ipitsang moporofeta wa mosadi, ho ruta le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba etse bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:20
19 Referencias Cruzadas  

A etsa jwaloka eka ho bile honyenyane ho ya ka dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, a tlodisa ka ho nyala Jesebele, moradi wa Ethebaale, morena wa Basidone, a ya, a sebeletsa Baale, a mo kgumamela.


Elia a re ho yena: Se tshabe; etsa kamoo o boletseng kateng, o mpe o etsetse nna senkgwanyana pele, o ntlisetse sona; kamorao, o etsetse wena le mora hao.


O tla nwa molatswaneng; ke se ke laetse makgwaba hore a nne a o fepe teng.


Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.


O tla timetsa ba ntlo ya Akabe, monga hao, ke tle ke phetetse ho Jesebele madi a baporofeta, bahlanka ba ka, le madi a bahlanka bohle ba Jehova.


o se ke wa etsa selekane le baahi ba fatshe leo, esere, ha o feba le medimo ya bona, mme o hlabela medimo ya bona, ba o biletsa ho tla ja nama tsa mahlabelo a bona,


Haele wena, mora motho, lebisa sefahleho sa hao nqa ho baradi ba tjhaba sa heno ba porofetang ka ho rata ha dipelo tsa bona, o ba porofetele,


ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.


e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!


Empa etlere ha motho a le bolella, a re: Ntho eo e hlabetswe ditshwantsho, le se ke la e ja ka baka la ya le eleditseng, le ka baka la letswalo; hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Empa ke na le seo ke se nyatsang ho wena, ke hobane o lahlile lerato la hao la pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos