Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O bake; ha ho se jwalo, ke tla phakisa ke tle ho wena, ke lwane le bona ka sabole ya molomo wa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Baka he! Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena kapele, mme ke tla ba lwantsha ka sabole e tswang ka molomong wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Bakang; ho seng joalo, ke tla tla ho uena kapele, ’me ke tla ba loantša ka sabole ea molomo oa ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Bakang; ho seng joalo, ke tla tla ho uena kapele, ’me ke tla ba loantša ka sabole ea molomo oa ka.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:16
15 Referencias Cruzadas  

Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.


O neile molomo wa ka bohale ba lerumo, o nkentse moriting wa letsoho la hae, o nkentse motsu o ntjhotjho, o mpatile kgohlopong ya hae.


Rwalang heleme ya poloko, mme le tshware lerumo la Moya, e leng lentswe la Modimo.


Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.


O ne a tshwere dinaledi tse supileng letsohong le letona la hae, mme sabole e ntjhotjho, e leoditsweng ka nqa tse pedi, e ne e tswa molomong wa hae; sefahleho sa hae se ne se tshwana le letsatsi ha le kganya ka matla a lona.


Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


Ba babedi bao ba akgelwa, ba sa phela, letsheng le tukang mollo le sebabole.


Ngolla lengeloi la kereke ya Pergame, o re: Ya tshwereng sabole e ntjhotjho e leoditsweng ka nqa tse pedi, o bolela tsena, o re:


Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.


Ya pakang ditaba tseo o re: E, ke tla kapele. Amen! Tloo, Morena Jesu!


Bona, ke se ke etla kapele! Ho lehlohonolo ya bolokang ditaba tsa boporofeta ba buka ena!


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos