Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 19:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba lengeloi le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo ba bileditsweng mokete wa lenyalo la Konyana! La ntoo re ho nna: Tseo ke dipolelo tsa sebele tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Yaba lengeloi le re ho nna: “Ngola. Ho lehlohonolo ba memetsweng moketeng wa dijo wa lenyalo la Konyana.” La nto re: “Tsena ke dipolelo tsa Modimo tsa sebele.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 A re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo ba memetsweng selallong sa lenyalo la Konyana. Yaba o re ho nna: Tsena ke dipolelo tsa nnete tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 A re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo ba memetsweng selallong sa lenyalo la Konyana. Yaba o re ho nna: Tsena ke dipolelo tsa nnete tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 19:9
27 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho nna: Nka lematjana le sephara, o ngole teng ka diletere tse bonahalang, o re: Ho phakiswe ho hapjwe, ho kgorolwe hang.


Ebile Jehova o nkarabella ka ho re: Ngola tshenolo, e betle mamatjaneng, hore ya balang a e bale habonolo;


Hobane ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke e ja, e tle e be e phethehe mmusong wa Modimo.


Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.


Taba eo ke ya nnete, mme e tshwanelwa ke kamohelo yohle.


Le tshepehile lentswe le reng: Ekare ha re eshwa le yena, re tla phela le yena;


Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.


Ke ena tshenolo ya Jesu Kreste, eo a e neileng ke Modimo, ho tsebisa bahlanka ba hae ditaba tse tshwanetseng ho hlaha kapele, tseo a di rometseng ka lengeloi, a bileng a di tshwantshetsa Johanne, mohlanka wa hae,


Jwale, ngola ditaba tseo o di boneng, le tse leng jwale, le tse tlang ho tla kamora tsena,


Yare hobane diaduma tse supileng di utlwahatse mantswe a tsona, ka re, ke a ngola; yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Kwahela tse boletsweng ke diaduma tse supileng, mme o se ke wa di ngola.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale! Moya o re: E, hoba ba ya phomola mesebetsing ya bona; hobane mesebetsi ya bona e a ba latela.


Yaba lengeloi le leng la a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng, le tla ho nna, la re: Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se dutseng hodima metsi a mangata;


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.


Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re:


Ngolla lengeloi la kereke ya Pergame, o re: Ya tshwereng sabole e ntjhotjho e leoditsweng ka nqa tse pedi, o bolela tsena, o re:


Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire, o re: Ke tsena tse bolelwang ke Mora Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a tshwanang le koporo e benyang:


Ngolla lengeloi la kereke ya Smirna, o re: Wa pele le wa morao, ya kileng a shwa, mme a boela a phela, o bolela tsena, o re:


Jwale ya dutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A ntoo re ho nna: Ngola; hobane dipolelo tseo di tiile; ke tsa nnete.


La ntoo re ho nna: Ditaba tseo ke tse tiileng, ke tsa nnete; mme Morena, Modimo wa meya ya baporofeta, o romile lengeloi la hae ho bontsha bahlanka ba hae ditaba tse seng di tla hlaha kapele.


Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda, o re: Ya tshwereng Meya e supileng ya Modimo le dinaledi tse supileng, o bolela tsena, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hoba o na le botumo ba ho phela, athe o shwele.


Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos