Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 19:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ka bona lehodimo le bulehile, mme ka bona pere e tshweu; mme ya e kaletseng o ne a bitswa Motshepehi le Wa nnete, mme o ahlola ka ho loka, mme a loane.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ka bona lehodimo le bulehile, mme ka bona pere e tshweu; mme ya e kaletseng o ne a bitswa Motshepehi le Wa nnete, mme o ahlola ka ho loka, mme a loane.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 19:11
28 Referencias Cruzadas  

Mme mahodimo a tla bolela ho loka ha wona, hobane Modimo ke wona o tla ahlola. (Sela.)


Hobane o ya tla ho ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo.


Jehova ke mohale, Jehova ke lebitso la hae.


Bonang, morena o tla busa ka ho loka, mahosana le wona a dise ka ho loka.


Bolelang tsa lona, le di tlise. Ba ke ba botsane hammoho! Na ke mang ya boletseng ditaba tseo esale mehleng ya kgale, ya di porofetileng kgale? Na hase nna Jehova? Ha ho Modimo, haese nna, Modimo o lokileng, o bolokang; ha ho o mong; ke nna feela.


Matsatsing ao le mohlang oo, ke tla hlahisetsa Davida lehlomela la ho loka, mme le tla etsa kahlolo le ho loka lefatsheng.


Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.


Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu.


Jesu a araba, a re ho yena: O dumela kahobane ke o boleletse hore ke o bone tlasa sefate sa feiye; o tla bona tse kgolo ho tseo.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Yaba ke bona sebata, le marena a lefatshe, le makgotla a wona, a phuthehetse ho lwana le ya kaletseng pere le makgotla a hae.


Ba babedi bao ba akgelwa, ba sa phela, letsheng le tukang mollo le sebabole.


Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele, leo ke neng ke le utlwile le bua le nna, le kang la terompeta, la re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho hlaha kamora tseo.


Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshweu, mme ya e kaletseng a tshwere seqha; a fuwa moqhaka, mme a tloha e le ya hlolang le ya tla hlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos