Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 18:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ ‘O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela!’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 a ema hojana, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya wona, a re: Jo! hobane kahlolo ya hao e tlile ka hora e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 A ema hojana, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya wona, a re: Jo! hobane kahlolo ya hao e tlile ka hora e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 18:10
17 Referencias Cruzadas  

Bonang, ho hlahile dipere le bakalli ba tsona ba tsamayang ka bobedi. Sa eketsa sa re: O wele, Babilona o wele; ditshwantsho tsohle tsa medimo ya hae di bolaetswe fatshe.


Athe o tla hlahelwa ke ntho tsena tse pedi ka tsatsi le le leng: ho hloka bana le bohlolohadi; di tla o hlahela ka sebele sa tsona, leha o ka thiba ka bongata ba boloi ba hao le ka bongata bo fetisisang ba boupelli ba hao.


Jo nna! tsatsi leo ke le leholo, ha ho le leng le kang lona; ke dinako tsa tsietsi ho Jakobo; leha ho le jwalo, o tla pholoha ho tsona.


Ke tla sisinya dipelo tsa ditjhaba tse ngata, mohla ke fihlisang pehi ya hao ditjhabeng, mafatsheng a sa tsejweng ke wena.


Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.


Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, Monghadi, o re: Mapatlelong wohle dillo di tla ba teng, le diterateng tsohle ba tla howa, ba re: Jo! Jo! Molemi o tla biletswa ho lla, ba tsebang pina tsa mahlomola ba biletswe ho bokolla.


Baiseraele bohle ba neng ba ba teetse hare ba baleha ka baka la seboko sa bona, ba re: E se be le rona lefatshe la re metsa.


Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.


Lengeloi la bobedi la latela, le re: O wele, o wele, Babilona, motse o moholo, hobane o nwesitse ditjhaba tsohle veine ya bohale ba bootswa ba wona.


Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo; metse ya ditjhaba ya heleha, mme Modimo wa hopola Babilona e moholo ho mo nwesa senwelo sa veine ya kgalefo e tukang ya wona.


Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome, a esong ho nke borena, a mpa a tla amohela matla a borena hammoho le sebata ka hora e le nngwe.


mme ba bokolla ha ba bona mosi wa ho tjha ha wona, ba re: Motse ke ofe o tshwanang le motse o moholo oo?


Mme ba ithuntshetsa dihlooho ka lerole, ba howa, ba lla, ba bokolla, ba re: Jo! jo! Motse o moholo oo ba nang le dikepe lewatleng ba ruileng ka maruo a nonneng a wona, o ripitlehile jwang ka hora e le nngwe?


Yaba lengeloi le matla le nka lejwe le ka ka lelwala le leholo, la le akgela lewatleng, la re: Ho tla akgelwa jwalo ka matla Babilona, motse o moholo, mme ha a sa tla hlola a fumanwa.


Ka baka leo, dikotsi tsa hae di tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, mme o tla tjheswa ka mollo; hobane o matla, Modimo o mo ahlolang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos