Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 17:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome, a esong ho nke borena, a mpa a tla amohela matla a borena hammoho le sebata ka hora e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke dikgosi tse leshome, tse esong ho buse, empa tse tla ba le kabelo pusong ya sebatana ka nako ya hora e le nngwe feela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome a esong ho amohele mmuso; empa le tla amohela matla e le marena ka hora e le nngwe le sebata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome a esong ho amohele mmuso; empa le tla amohela matla e le marena ka hora e le nngwe le sebata.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 17:12
12 Referencias Cruzadas  

le bakeng sa dinaka tse leshome tse hloohong ya sona, le bakeng sa le leng le hlahileng leo a mang a mararo a wetseng pela lona, e leng lona lenaka le nang le mahlo le molomo o buwang ka boikakaso, le bonahalang ho fetisa a mang.


Manaka a leshome ke marena a leshome, a tlang ho tswalwa mmusong oo; e mong o tla hlaha kamora wona, ya hosele ho a pele, mme o tla kokobetsa marena a mararo.


La re ho nna: E ka kgona o boele o porofete hodima ditjhaba, le mefuta, le dipuo, le marena a mangata.


Mohlolo o mong hape wa hlaha lehodimong, e le wa drakone e kgolo, e kgubedu, e nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le meqhaka e supileng dihloohong tsa yona.


Yaba ke bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome; dinakeng tsa sona se ne se rwetse meqhaka e leshome; mme dihloohong tsa sona ho ne ho ngodilwe mabitso a nyefolang Modimo.


Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ho sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama tsa sona, mme di se tjhese mollong.


a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!


Mme balaedi ba dikepe kaofela, le bongata bohle bo tsamayang ka dikepe, le ba di tsamaisang, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hole;


Mme ba ithuntshetsa dihlooho ka lerole, ba howa, ba lla, ba bokolla, ba re: Jo! jo! Motse o moholo oo ba nang le dikepe lewatleng ba ruileng ka maruo a nonneng a wona, o ripitlehile jwang ka hora e le nngwe?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos