Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 16:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Lengeloi la boraro la tshollela nkgo ya lona dinokeng le didibeng tsa metsi, mme tsa fetoha madi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Lengeloi la boraro la qhalla lefiswana la lona dinokeng le didibeng, mme metsi a tsona a fetoha madi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Lengeloi la boraro la tshollela nkgo ya lona dinokeng le didibeng tsa metsi; mme tsa fetoha madi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Lengeloi la boraro la tshollela nkgo ya lona dinokeng le didibeng tsa metsi; mme tsa fetoha madi.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 16:4
10 Referencias Cruzadas  

Wa fetola dinoka tsa bona madi, ba ba ba sitwa ho nwa metsi a melatswana ya tsona.


Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Otlollela letsoho la hao, le lere la hao melapong le dinokeng le matsheng, mme o nyolle dihohwana di tlale naha ya Egepeta.


Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.


Ke tla tlatsa thaba tsa hae ka babolauwa ba hae. Maralleng a hao, le dikgutlong tsa hao, le melapong yohle ya hao, ho tla wela ba bolailweng ka lerumo.


Leha Efraime a beha ditholwana hara banababo, moya wa botjhabela o ya foka, moya wa Jehova o ya tswa feelleng. Ho tla psha sediba sa hae, mehlodi ya hae e ome. Sera se tla hapa matlotlo a mesebetsi yohle ya bohlokwa.


Di na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na ka matsatsi ao di porofetang ka wona; hape, di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka dikotsi tsohle, nakong tsohle tseo di ka ratang ho etsa jwalo.


la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


Mme ka utlwa lengeloi la metsi, le re: O lokile, Morena, ya leng teng, ya neng a le teng, ya halalelang, ha o ahlotse jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos