Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 15:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ya sa tlo o tshaba ke ha e le mang, Morena? Ya sa tlo tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ya halalelang ke wena o nnotshi. Mme ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame maotong a hao, kahobane dikahlolo tsa hao di beilwe pepeneneng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena, mme a tlotlisa lebitso la hao? hobane ke wena o nnotshi o halalelang: hobane ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame pela hao; hobane dikahlolo tsa hao di bonahatswa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena, mme a tlotlisa lebitso la hao? hobane ke wena o nnotshi o halalelang: hobane ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame pela hao; hobane dikahlolo tsa hao di bonahatswa.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 15:4
44 Referencias Cruzadas  

Jehova ke yena Modimo wa rona; dikahlolo tsa hae di aparela lefatshe lohle.


O rometse setjhaba sa hae poloko, o laetse selekane sa hae, e be se sa feleng. Lebitso la hae le a halalela, mme le a tshabeha.


Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele!


Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;


Leha ho le jwalo, o Mohalaledi; dithoko tsa Iseraele di teela terone ya hao hare.


Ditjhaba tsohle tseo o di entseng di tla tla kgumama pela hao, Morena, di tlotlise lebitso la hao!


Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.


Sione o utlwile, mme o thabile ke hoo; baradi ba Juda ba nyakalletse dikahlolo tsa hao, Jehova.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!


Ka baka leo, rorisang Jehova botjhabela, le lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, dihlekehlekeng tsa lewatle.


Ka baka leo, setjhaba se matla se tla o boka, metse ya ditjhaba tse matla e o hlonephe.


Moya wa ka o o lakatsa bosiu, pelo ya ka e o batla kahare ho nna; hobane mohla dikahlolo tsa hao di otlang lefatshe, batho ba lefatshe ba ithuta ho loka.


Ke anne ka nna, taba e lokileng e tswile molomong wa ka, e ke ke ya kgutla, e re: Mangole wohle a tla nkgumamela, maleme wohle a ane ke nna.


Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.


Tsa howeletsana, tsa re: O a halalela, O a halalela, O a halalela, Jehova wa makgotla; lefatshe lohle le tletse kganya ya hae!


Ka ho bona hoo, o tla thaba, pelo ya hao e tla makala, e ahlame ke thabo; menono ya lewatle e lebile ho wena, le maruo a ditjhaba a ya tla ho wena.


Ya ka beng a sa o tshabe ke mang, Morena wa ditjhaba? Hobane o lokelwa ke ho tshajwa, hobane hara ba hlalefileng kaofela ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya tsona ha ho ya jwaloka wena.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela.


Mme masala wohle a ditjhaba tsohle tse neng di futuhetse Jerusalema, a tla nyoloha, ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela Morena, Jehova wa makgotla, le ho etsa mokete wa Metlotlwane.


Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


le hore baditjhaba ba tle ba tlotlise Modimo, ka baka la mohau wa wona; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka leo, ke tla o tumisa hara baditjhaba, ke binele lebitso la hao dipesaleme.


kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: halalelang, hobane ke a halalela.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


Mme ka utlwa lengeloi la metsi, le re: O lokile, Morena, ya leng teng, ya neng a le teng, ya halalelang, ha o ahlotse jwalo.


Ka ba ka utlwa lengeloi le leng ka nqa ya aletare, le re: Efela, Morena, Modimo o matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete le tsa ho loka.


hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.


mme o neilwe ho ikapesa ka lene e ntle, e kganyang, e hlwekileng; hobane lene e ntle eo ke ho loka ha bahalaledi.


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


Dipobuwa tse nne tseo tse phelang, se seng le se seng sa tsona se ne se medile dipheo tse tsheletseng, mme se ne se tletse mahlo ka nqa tsohle le kahare; mme di ne di sa phetse, motshehare le bosiu, ho re: O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo, Ya matla wohle, ya neng a le teng, ya ntseng a le teng, ya tla nne a be teng.


Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?


Ha ho ya kgethehileng jwaloka Jehova; ha ho Modimo o mong haese wena; ha ho lefika le kang Modimo wa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos