Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba rapela drakone kahobane e neile sebata matla a yona, ba rapela le sebata, ba re: Ke mang ya lekanang le sebata, mme ke mang ya ka tsebang ho lwana le sona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Bohle ba kgumamela kganyapa, hobane e ne e neile sebatana matla a yona. Ba kgumamela le sona sebatana, ba re: “Ke mang ya tshwanang le sebatana? Ke mang ya ka se lwantshang?”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ba kgumamela drakone, kahobane e neile sebata matla, mme ba kgumamela sebata, ba re: Ke mang ya tshwanang le sebata? ke mang ya ka tsebang ho mo lwantsha?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ba kgumamela drakone, kahobane e neile sebata matla, mme ba kgumamela sebata, ba re: Ke mang ya tshwanang le sebata? ke mang ya ka tsebang ho mo lwantsha?

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 13:4
18 Referencias Cruzadas  

Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.


Le ka ntshwantsha le mang? Le ka ntekanya le mang, la mpapisa le mang, hore ke tshwane le yena?


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


Ke setjhaba se seholo, se boemo bo bolelele, ke ditloholo tsa Baanake bao o ba tsebang, bao o utlwileng ha ho thwe: Ho ka ema mang pela bana ba Anake?


ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo.


Mohlolo o mong hape wa hlaha lehodimong, e le wa drakone e kgolo, e kgubedu, e nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le meqhaka e supileng dihloohong tsa yona.


Mohatla wa yona o ne o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme o ne o di lahlela lefatsheng. Drakone ya ema pela mosadi ya belehang, hore e tle e je ngwana hae ha a se a mmelehile.


Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohelang lefatsheng, se nang le dinaka tse pedi tse jwaloka tsa konyana, se mpa se bua jwaloka drakone.


Sa fuwa matla a ho kenya phefumoloho setshwantshong sa sebata, hore setshwantsho sa sebata se tsebe ho bua, se etse le hore ho bolawe bohle ba hanang ho kgumamela setshwantsho sa sebata.


Sebata seo ke se boneng se ne se tshwana le lengau; maoto a sona a ne a le jwaloka maoto a bere, mme molomo wa sona o ne o le jwaloka molomo wa tau; mme drakone ya se fa matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo.


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


mme ba bokolla ha ba bona mosi wa ho tjha ha wona, ba re: Motse ke ofe o tshwanang le motse o moholo oo?


Mme batho ba setseng, ba sa kang ba bolawa ke dikotsi tseo, ha ba ka ba baka mesebetsing ya matsoho a bona, mme ha ba ka ba lesa ho rapela batemona, le medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya majwe, le ya mahong, e sa tsebeng ho bona, le ho utlwa, le ho tsamaya.


Banna ba Iseraele ha ba bona monna eo, ba mmalehela, ba tshaba haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos