Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A beleha mora, ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe; mme ngwana hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 A beleha mora, ngwana e motona, ya tlang ho busa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe. Yaba ngwana eo wa hae o nkelwa ho Modimo, teroneng ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 A tswala ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe, mme ngwana wa hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 A tswala ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe, mme ngwana wa hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 12:5
14 Referencias Cruzadas  

A eso ho utlwe bohloko, o setse a belehile; a eso ho be matswalo, o setse a hlahisitse mora.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.


Ka baka leo, o tla ba neela dira, ho tle ho be ho fihle nako eo mobelehi a tla beleha ka yona; mme banababo ba setseng ba tla be ba kgutle hammoho le bara ba Iseraele.


mme ha a ka a mo tseba, a eso ho belehe mora hae wa letsibolo; mme a mo rea lebitso la Jesu.


Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.


Ke tseba motho ya leng ho Kreste, ya kileng a nkelwa lehodimong la boraro, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene — kapa e bileng ka mmele, ha ke tsebe; kapa e bileng ka ho siya mmele, le teng ha ke tsebe, ho tseba Modimo —


o kile a nkelwa Paradeiseng, mme a utlwa ditaba tse se nang ho bolelwa, tseo motho a ke keng a dumellwa ho di hlahisa.


Mme ba utlwa lentswe le matla le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Ba fela ba nyolohela lehodimong ka leru, ba ntse ba bonwa ke dira tsa bona.


Drakone, eitse ha e bona hobane e dihetswe lefatsheng, ya ya ho hlorisa mosadi ya neng a belehile ngwana e motona.


E ne e le moimana, mme a howa a setse a le pelehing, a utlwa bohloko ba ho beleha.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos