Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 12:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 E ne e le moimana, mme a howa a setse a le pelehing, a utlwa bohloko ba ho beleha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 E ne e le moimana. A bokolliswa ke mahloko a pelehi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 E ne e le moimana, a lla, a le bohlokong ba pelehi, a le bohlokong ba ho beleha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 E ne e le moimana, a lla, a le bohlokong ba pelehi, a le bohlokong ba ho beleha.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 12:2
12 Referencias Cruzadas  

Jwalokaha mosadi wa moimana a utlwa bohloko, ha a se a thwaseditswe ke kgwedi ya pelehi ya hae, mme a howa pelehing ya hae, re ne re le jwalo pela Jehova!


Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.


Thaba, wena nyopa, o sa kang wa tswala; o dumise ditlatsi le dipina tsa thabo, wena o sa kang wa tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ya furaletsweng ba bangata ho feta bana ba ya nyetsweng, ho bolela Jehova.


Lentswe le lerata le tswa motseng, lentswe le tswa tempeleng, ke lentswe la Jehova ya busetsang ho dira tsa hae ka diketso tsa tsona.


Jwale, ke ka baka lang ha o howa ka mehoo? Na ha ho sa le morena ha hao na? Kapa na moeletsi wa hao o timetse, ha bohloko bo o tshwere jwaloka ba mosadi ya belehang?


Ka baka leo, o tla ba neela dira, ho tle ho be ho fihle nako eo mobelehi a tla beleha ka yona; mme banababo ba setseng ba tla be ba kgutle hammoho le bara ba Iseraele.


Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ya tlokotsi.


Ere mosadi ha a beleha, a utlwe bohloko, hobane nako ya hae e tlile; empa ha a tswetse ngwana, a lebale tsietsi ya hae ka baka la thabo ya hobane motho o tswetswe lefatsheng.


Bana ba ka ba banyenyane, lona bao ke boelang ke le utlwela bohloko ba ho tswala, Kreste a tle a be a bopelwe ka ho lona;


hobane ho ngodilwe, ho tshwe: Ithabele, wena nyopa ya sa tswaleng; tlerola, o hoeletse, wena o neng o hloka pelehi; hobane bana ba ya tlohetsweng ba tla fetisa ba ya nang le monna ka bongata.


Mohatla wa yona o ne o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme o ne o di lahlela lefatsheng. Drakone ya ema pela mosadi ya belehang, hore e tle e je ngwana hae ha a se a mmelehile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos