Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 11:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ditjhaba di ne di halefile, mme bohale ba hao bo hlahile, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho ntsha moputso wa bahlanka ba hao ba baporofeta le wa bahalaledi le wa ba tshabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo, le ya ho senya ba senyang lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Baditjhaba ba ile ba halefa, jwale ha fihla kgalefo ya hao, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho putsa bahlanka ba hao, baporofeta, le bahalaledi, le bohle ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo; le nako ya ho timetsa ba timetsang lefatshe.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Mme ditjhaba tsa halefa, mme kgalefo ya hao e tlile, le nako ya bafu ya ho ahlolwa, le hore o nee bahlanka ba hao baporofeta, le bahalaledi, le ba tshabang lebitso la hao moputso o monyenyane. le leholo; le ho senya ba senyang lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Mme ditjhaba tsa halefa, mme kgalefo ya hao e tlile, le nako ya bafu ya ho ahlolwa, le hore o nee bahlanka ba hao baporofeta, le bahalaledi, le ba tshabang lebitso la hao moputso o monyenyane le leholo; le ho senya ba senyang lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 11:18
48 Referencias Cruzadas  

Empa jwaloka lehodimo ha le phahamile hodimo ho lefatshe, mohau wa hae o moholo jwalo ho ba mo tshabang.


Morena, ya leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la kgalefo ya hae.


Jehova o kgahliswa ke ba mo tshabang, ba itshepelang mohau wa hae.


o bua le bona ka bohale, o ba tsielehisa kgalefong ya hae,


Ruri, poloko ya wona e haufi le ba o tshabang, kganya e tle e ahe naheng ya rona.


Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tshaba Modimo, o boloke ditaelo tsa wona, hobane, ke yona tshwanelo yohle ya motho;


Empa leha moetsadibe a etsa hampe ha lekgolo, mme a atelwa ke matsatsi, leha ho le jwalo, ke tseba hoba ba tshabang Modimo ho tla dula hantle le bona, e leng ba tshabang ho etsa hampe pela sefahleho sa wona.


Empa botjhabela le leboya, ho tla tswa medumo e tlang ho mo tshosa, mme o tla futuha ka kgalefo e kgolo ho ya bolaya le ho senya ba bangata.


Empa kahlolo e tla dula, a be a amohuwe borena, bo tle bo fediswe, bo timetswe ka ho sa yeng kae.


Ka baka la bohlale ba hae, mano a tla atleha matsohong a hae; o tla ikgohomosa pelong ya hae, a senye ba bangata ba dutseng ka kgotso, a tsohele Morena wa marena matla; empa o tla robakwa, e seng ka letsoho la motho.


Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; hobane ba hlorisitse jwalo baporofeta ba bileng teng pele ho lona.


mohau wa hae o melokong ya meloko ya ba mo tshabang.


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha, kamoo o boleletseng bahlanka ba wona, baporofeta kateng.


Empa, haele lebala le kantle ho tempele o le siye, o se ke wa le lekanya; hobane baditjhaba ba le neilwe, mme ba tla hatakela motse o halalelang ka maoto, ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Ya isang ba bang kgolehong, o tla ya kgolehong le yena; mme ekare ha motho a bolaya ka lerumo, e ka kgona le yena a bolawe ka lerumo. Ke moo ho tla bonahala mamello le tumelo ya bahalaledi.


Mme sa etsa hore batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba fumanehileng, ba sa ruwang le ba ruilweng, ba amohele letshwao letsohong le letona la bona, leha e le phatleng tsa bona;


le yena o tla nwa veine ya bohale ba Modimo e tshetsweng, e sa tswakwa, senwelong sa kgalefo ya wona, mme o tla hlokofatswa mollong le sebaboleng pontsheng ya mangeloi a halalelang le ya Konyana.


Yaba ke bona lehodimong mohlolo o mong, o moholo, o makatsang, e leng mangeloi a supileng a tshwereng dikotsi tse supileng tsa qetello; hobane bohale ba Modimo bo ya phetheha ka tsona.


Mme se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne sa nea mangeloi a supileng dinkgo tsa kgauta tse supileng, tse tletseng bohale ba Modimo o phelang ka ho sa feleng.


Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


le tle le je dinama tsa marena, le dinama tsa balaodi ba dikete, le dinama tsa dinatla, le dinama tsa dipere, le tsa ba di kaletseng, le dinama tsa bohle ba sa ruwang le ba ruilweng, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.


Lentswe la tswa teroneng, la re: Bokang Modimo wa rona, lona bohle bahlanka ba wona, le lona ba o tshabang, ba baholo le ba banyenyane.


Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona.


Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngodilwe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Bonang, ke phakisa ke etla, mme ke tshwere moputso wa ka, ho putsa e mong le e mong ka ho lekanang diketso tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos