Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 mme la howa ka lentswe le phahamileng, jwaloka tau ha e puruma. Eitse hobane le howe, diaduma tse supileng tsa utlwahatsa mantswe a tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 mme la howa ka lentswe le leholo, jwaloka tau ha e puruma. Hoba le howe, ha thwathwaretsa matolo a supileng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 La hoeletsa ka lentswe le leholo, jwaloka tau e purumang;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 La hoeletsa ka lentswe le leholo, jwaloka tau e purumang;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 10:3
16 Referencias Cruzadas  

Lentswe la Jehova le duma hodima metsi; Modimo wa kganya o dumisa seaduma sa wona; Jehova o utlwahala hodima metsi a maholo.


Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.


Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Jwaloka tau, kapa tawana ha e puruma hodima phoofolo e tshwerweng ke yona, e sa tshohe mehoo ya badisa ba bangata ba e bokanetseng, e sa balehe pela bongata ba bona, ka mokgwa o jwalo, Jehova wa makgotla o tla theoha ho futuhela thaba ya Sione le leralla la yona.


Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.


Ho puruma ha bona ho ka ha tau e tshehadi, ba puruma jwaloka ditau tse ntjha, ba kurutla, ba tshwara kgapo, ba ya le yona; ha ho motho ya tla e hlwibila ho bona.


Mme wena, o ba porofetele mantswe ana kaofela, o re ho bona: Phahameng ya hae Jehova o ya duma, leahong le halalelang la hae o tla phahamisa lentswe; o purumela ntlo ya hae; modumo o kang wa ba hatang veine o o dumisetsa baahi bohle ba lefatshe.


Modumo wa dipheo tsa dikerubime wa utlwahala le lebaleng le kantle, o ka lentswe la Modimo o matla wohle, ha o bua.


Ba tla latela Jehova. Jwaloka tau, o tla puruma, e, yena o tla puruma, mme bana ba hae ba tla itlhahanela ho yena, ba etswa bophirimela.


Jehova o tla rora Sione, a utlwahatse lentswe la hae a le Jerusalema, ho be ho thothomele lehodimo le lefatshe. Empa Jehova ke setshabelo ho setjhaba sa hae, ke qhobosheane ho bara ba Iseraele.


A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.


Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?


Mme ka utlwa lentswe le tswang lehodimong le kang modumo wa metsi a mangata, le jwaloka modumo wa seaduma se seholo. Hape, lentswe leo ka le utlwa, eka ke la baharepa ha ba tidinya diharepa tsa bona.


Yaba ke bona lehodimong mohlolo o mong, o moholo, o makatsang, e leng mangeloi a supileng a tshwereng dikotsi tse supileng tsa qetello; hobane bohale ba Modimo bo ya phetheha ka tsona.


Mme se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne sa nea mangeloi a supileng dinkgo tsa kgauta tse supileng, tse tletseng bohale ba Modimo o phelang ka ho sa feleng.


Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.


Mme lengeloi la nka pitsa ya ho tjhesa dibano, mme la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e akgela lefatsheng; ha ba ha hlaha mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos