Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O felehetse Senase, moruti wa molao, le Apolose hantle leetong la bona, ba tle ba se ke ba hloka letho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Hape o potlakele ho thusa Senase le Apolose leetong la bona, ba se ke ba haellwa ke letho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Senase, setsebi sa Molao, le Apolose, o tsamaise leetong la bona ka mafolofolo, ba tle ba se ke ba hloka letho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Senase, setsebi sa Molao, le Apolose, o tsamaise leetong la bona ka mafolofolo, ba tle ba se ke ba hloka letho.

Ver Capítulo Copiar




Tite 3:13
15 Referencias Cruzadas  

Yaba e mong wa bona, e leng moruti wa molao, o botsa Jesu, ka ho mo leka, a re:


Yaba moruti e mong wa molao o ema, a leka Jesu, a re: Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?


Yaba e mong wa baruti ba molao o araba, a re ho yena: Moruti, ha o bua jwalo, o a re omanya le rona.


Ho madimabe lona, baruti ba molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo; ka sebele sa lona, ha le a ka la kena; hape, le thibetse le ba kenang.


Yaba Jesu o bua, a re ho baruti ba molao le ho bafarisi: Na ho ka lokela ho fodisa motho ka Sabatha na? Kapa tjhe?


Empa bafarisi le baruti ba molao ba itshenyeleditse morero wa Modimo, ha ba sa ka ba kolobetswa ke yena.


Yare ha ba romilwe jwalo ke kereke, ba ya ka la Fenisia le la Samaria, ba ntse ba bolela tshokoloho ya baditjhaba; baena kaofela ba ne ba thabela hoo haholo.


Mojuda e mong, ya bitswang Apolose, ya tswaletsweng Aleksandria, monna ya hlalefileng, ya tsebang Mangolo haholo, a fihla Efese.


Eitse ha Apolose a sa le Korinthe, Pauluse a haola dinaha tsa Asia tse kahodimo, a tla Efese, mme teng a fihlela barutuwa ba bang.


Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,


Ba re hlonepha ka hlompho e kgolo, mme mohla re tlohang, ba re baballa ka tseo re di hlokang.


ke tla le etela ha ke ya Spania; hobane ke tshepile hore ke tla le bona, ha ke haola naha ya lona, le hore ke lona le tla nkisa teng, ha ke se ke kgotswe hanyenyane ke lona.


A se ke a nyatsuwa ke motho, le mpe le mo felehetse ka kgotso, a tle ho nna, hobane ke mo lebeletse le banababo rona.


Haele Apolose, ngwanabo rona, ke mo kgothaditse haholo hore a ke a ye ho lona le banababo rona, empa ha a ka a dumela le hanyenyane ho ya jwale; leha ho le jwalo, o tla tla mohla a nang le sebaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos