Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Taba eo ke o siileng Kreta ba baka la yona, ke hore o qetelle ho lokisa tse esong ho lokiswe, mme o bee baholo metseng yohle, jwalokaha nkile ka o laela;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ke o siile Kerete ho qetela ho hlophisa tse saletseng, le ho bea baholo motseng o mong le o mong, ho ya kamoo ke o laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Ke ka baka leo ke o siileng Kreta, hore o tle o lokise ditaba tse neng di le siyo, mme o beele baholo metseng yohle, jwalokaha ke o laetse.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ke ka baka leo ke o siileng Kreta, hore o tle o lokise ditaba tse neng di le siyo, mme o beele baholo metseng yohle, jwalokaha ke o laetse.

Ver Capítulo Copiar




Tite 1:5
18 Referencias Cruzadas  

ba nna ba etsa tshebetso eo ka pina pela moo tabernakele ya tente ya pokano e hlomilweng teng, ho fihlela ha Salomone a haha ntlo ya Jehova Jerusalema; teng, ba boela ba tshwara tshebetso ya bona ka lenaneo la bona la ho fapana.


Mmoledi o ne a le bohlale. A boela a ruta setjhaba ho hlalefa, a botsisisa, a batlisisa, a lokisa dipuo tsa maele tse ngata.


Ke mang ya jwaloka nna ya boletseng tse esong ho hlahe, esale ke thea setjhaba hore e be sa kamehla? A bolele, a hlahise pela ka. Ba ke ba bolele tse tlang ho tla, tse tlang ho etsahala!


Ho tla nkwa majwe a mang a tlang ho bewa bakeng sa majwe a pele, ho nkwe mobu o mong o dubilweng ho bateha ntlo.


Ba fela ba etsa hoo, mme ba di romela ho baholo ba phutheho ka matsoho a Barnabase le Pauluse.


Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Bakreta, le Baarabia, kaofela ha rona re ba utlwa jwang ba bolela dimakatso tsa Modimo ka puo tsa rona?


Mme kahobane sekepe se ne se sa tshwanela ho dula koung eo mariha, ba bangata ba phehella ho tloha teng le ho leka ho ya hlola mariha Fenikse, e leng kou ya Kreta, e lebaneng le moya wa bophirimela ba borwa le wa bophirimela ba leboya.


Jwale, moya wa borwa ha o qala ho foka butle, ba lekanya hobane ba se ba bone seo ba se pheheletseng, mme ba tloha, ba sika le Kreta.


Erekaha e ne e se e le kgale ho sa jewe, Pauluse a ema hara bona, a re: Efela, banna, hoja la ntumela, le se ke la tloha Kreta, tshenyeho le tahleho ena e ka be e sa ka ya hlaha.


Hobane re tsamaye ka ho nokoloha ka matsatsi a mangatanyana, ra fihla kathata mabapa le Genida, mme ra pota Kreta ka tlase, ka nqa Salmone, kahobane moya o ne o re thibela.


Mme ekare ha e mong a lapile, a no ja hae, le tle le se ke la phuthehela tsuo. Haele ka tse ding, tsona ke tla di lokisa ha ke se ke fihlile.


Tsohle di etswe ka tshwanelo le ka molao.


Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepehang Moreneng, hore a le hopotse dika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kateng, kahohle kerekeng e nngwe le e nngwe.


Hobane, leha ke le siyo ka nama, ka moya ke na le lona, ke ntse ke thaba, ke boha ho lokisa ha lona, le ho tiya ha tumelo ya lona ho Kreste.


Jwalokaha ke ne ke o laele mohla ke yang Masedonia, ka re, o sale Efese, hore o tle o laele ba bang, ba tle ba se ke ba ruta thuto esele;


Mme ditaba tseo o di utwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee ho batho ba tshepehang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona.


E mong wa habo bona, e bileng moporofeta wa bona, o itse: Bakreta ke mahata kamehla, ke diphoofolo tse mpe, ke dimpa tse botswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos