Sofonia 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)5 Ho madimabe ba ahileng naheng e bapaneng le lewatle, setjhaba sa Bakerethe! Lentswe la Jehova le teng hodima hao, Kanana, lefatshe la Bafilesta; ke tla o timeletsa, o be o hloke le ya ka ahang ha hao! Ver CapítuloBIBELE5 Le madimabe lona ba ahileng bopong la lewatle, le madimabe lona tjhaba sa Bakerete! Morena ke yena ya o qosang, wena Kanana, naha ya Bafilesita, ke tla o ripitla, ho be ho hlokwe le masalla. Ver Capítulo |
Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.