Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mehlape e tla botha teng, e leng dihlopha tsa diphoofolo tsa mefutafuta. Le wona moholodi le hlong di tla robala hodima dihlooho tsa ditshiya tsa teng; ho utlwahala nonyana e letsang molodi sefensetereng; monyako ke diqubu tsa ntho tse helehileng, hobane Jehova o beile mamati a dikedare pontsheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Mohlape o tla botha hona moo, le phoofolo tsa naha ka mefuta ya tsona. Sephooko le sephookwana di tla robala teng, di robale kahodima ditshiya, tshiya tse ntseng di eme; bo-makgohlo ba hihitse ba le difesetereng, kupukupu ya mobu e thibile menyako, hobane kedare tsa yona di tla be di wele.

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 2:14
8 Referencias Cruzadas  

Ke tshwana le moholodi wa lefeella, ke jwaloka sephooko sa dithako.


Ke tla mo etsa letsaba la dihlong, le matsha a ditebetebe, ke mo fiele ka lefielo la tshenyo, ho bolela Jehova wa makgotla.


ya reng: Ke tla ikgahela ntlo e kgolo le dikamore tse sephara: ke phunye difensetere, ke manehe ka kedare, mme ke tshase ka mmala o mofubedu.


Ka bona Morena a eme pela aletare, mme a re: Otla hloro ya ntlo, ho be ho sisinyehe le difate tsa monyako; o di robakanye hodima dihlooho tsa bona kaofela. Ba setseng, ke tla ba bolaya ka lerumo; ho ke ke ha eba le a mong ho bona ya ka balehang, leha a le mong a ke ke a ba teng ya ka phonyohang ho bona.


Naha e bapaneng le lewatle e tla fetoha makgulo a badisa le masaka a dinku.


La howa ka lentswe le phahameng, le phepa, la re: O wele, o wele, Babilona e moholo! o fetohile moaho wa batemona, letsaba la meya yohle e ditshila, le letsaba la dinonyana tsohle tse sa hlwekang, tse ilwang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos