Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke tla tlosa madi a hae molomong wa hae, le manyala a hae mahareng a meno a hae; le yena o tla salla Modimo wa rona, mme o tla ba jwaloka kgosana hara Juda, Ekrone a be jwaloka Mojebuse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Nama e madi, eo ba e jang, ke tla e fedisa, le nama tse ilehang tsa bona ke di fedise. Ba setseng e tla ba ba Modimo wa rona, le bona ba tshwane le ba morabe wa Juda, ba Ekerone bona ba tshwane le Bajebusi.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 9:7
21 Referencias Cruzadas  

Bajebuse, Baamore, Bagirgashe,


Modimo wa romela lengeloi Jerusalema ho timetsa batho ba teng; la re le sa ntsane le bolaya, Jehova a bona, a swaba ke tshenyeho eo, mme a re ho lengeloi le bolayang: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Ornane Mojebuse.


Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.


Modimo, o ba robe meno melomong ya bona! Jehova, pshatla mehlahare ya ditau!


ba dulang mabitleng, mme ba hlola bosiu mahaheng, ba jang nama ya dikolobe; ba tlatsang mekeke ya bona ka dijo tse manyala;


Leha ho le jwalo, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba Moabe mehleng ya morao, ho bolela Jehova. Ho fihlela moo, ke kahlolo ya Moabe.


Leha ho le jwalo, mehleng ya ho qetella, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba Elame, ho bolela Jehova.


Empa hamorao, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba bana ba Ammone, ho bolela Jehova.


Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Tshiung tseo, banna ba leshome ba dipuo tsohle tsa ditjhaba ba tla itshwarella ka moseho wa kobo ya monna wa Mojuda, ba re: Re tla ya le lona, hobane re utlwile hoba Jehova o na le lona.


Bana ba dinyatsi ba tla aha Ashdode, mme ke tla fedisa boikgohomoso ba Mofilesta.


Ke tla ema pela ntlo ya ka, ke e sirelletse sera, le ya yang, le ya kgutlang, mme mohlorisi ha a sa tla tsamaya hodima bona; hobane jwale, ke bone ka mahlo a ka.


Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos