Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 9:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Kgutlelang qhobosheaneng, lona batshwaruwa ba nang le tshepo! Kajeno lena, ke a bolela, ke re: Ke tla o buseletsa habedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Lona bathopuwa ba nang le tshepo, kgutlelang qhobosheaneng ya lona; e sa le jwale ke se ke le tsebisa: Ke tla le buseletsa tsohle habedi.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 9:12
23 Referencias Cruzadas  

Mme Jehova a ntsha Jobo ditlamong tsa hae, ha a se a rapeletse metswalle ya hae; mme Jehova a mo atisetsa habedi tseo a neng a ena le tsona pele.


Ba tla hlahlelwa jwaloka ba hapilweng, ha ba hlahlelwa teronkong, ba kwallwe mameneng; mme hobane ho fete matsatsi a mangata, ba tla otlwa.


Hobane nqalo ya bafu e ke ke ya o boka, lefu le ke ke la o rorisa; batho ba theohelang lebitleng ha ba sa tshepa botshepehi ba hao.


Bolellang Jerusalema tse kgodisang pelo ya hae, le mo howeletse hore kgoleho ya hae e fedile, molato wa hae o lefilwe, le hoba o amohetse letsohong la Jehova habedi ho lekanang le dibe tsa hae kaofela!


o tle o re ho ba kgolehong: Tswang! le ho ba dutseng lefifing: Hlahang! Ba tla fumana dijo tseleng, le makgulo maralleng wohle.


Hlohlora lerole la hao, tsoha o dule, Jerusalema; o lokolle mahlaahlela molaleng wa hao, wena moholehuwa, moradi wa Sione!


Bakeng sa maswabi ao le bileng le wona, le tla sitswa habedi; bakeng sa nyatso, ba tla thabela kabelo ya bona; hobane ba tla abelwa habedi naheng ya bona, mme ba tla nne ba thabe ka ho sa feleng.


Tshepo ya Iseraele, mopholosi wa hae tsatsing la tsietsi, na o ya ba jwaloka moditjhaba lefatsheng, kapa jwaloka moeti ya fapohang tsela ho hlola bosiu feela na?


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


Tshepo ya Iseraele, Jehova ba o hlobohang kaofela ba ya hlabiswa dihlong. Ba nkwenehelang ba tla ngolwa lefatsheng, hobane ba hlobohile sediba sa metsi a phedisang, e leng nna Jehova.


Tshepo e teng bakeng sa mehla ya hao e tlang, ho bolela Jehova; bana ba hao ba ya boela meeding ya bona.


Hobane tsatsi le teng leo dibohodi di tla howeletsa ka lona thabeng ya Efraime, di re: Tlohang, a re nyoloheleng Sione, ho Jehova, Modimo wa rona.


Lentswe la ba balehang le la ba phonyohang lefatsheng la Babilona le utlwahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ya Jehova, Modimo wa rona, ya ho itefelletsa tempele ya hae.


Jehova o bonahaditse ho loka ha rona; tloong, re boleleng hara Sione mesebetsi ya Jehova, Modimo wa rona.


Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


Jehova o tla rora Sione, a utlwahatse lentswe la hae a le Jerusalema, ho be ho thothomele lehodimo le lefatshe. Empa Jehova ke setshabelo ho setjhaba sa hae, ke qhobosheane ho bara ba Iseraele.


Haele wena, qhobosheane ya mohlape, leralla la moradi wa Sione, ho wena ho tla tla, ho be ho finyelle borena ba pele, e leng mmuso wa moradi wa Jerusalema.


Jehova o molemo; ke setshabelo tshiung ya tlokotsi, o tseba ba mo tshepileng.


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Tshepo eo ho rona e ka ankora ya moya, e tiyang, e sa sisinyeheng, e keneng ka kwana kahare ho lesira;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos