Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Lengeloi la mpitsa, la re ho nna: Bona, tse tswelang lefatsheng la Leboya di isitse bohale ba ka ka lefatsheng la Leboya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Yaba lengeloi le a howeletsa, le re ho nna: “Bona, dipere tse lebang naheng e ka leboya di kokobeditse kgalefo ya Morena naheng eo.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 6:8
15 Referencias Cruzadas  

Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.


Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, Ya matla wa Iseraele, o re: Aha! ke tla itshedisa kotsing ya ba ntwantshang, ke itefetse ho dira tsa ka;


Phuthehang kaofela, le mamele: Ke mang hara bona ya boletseng ditaba tsena na? Eo Jehova a mo ratang o tla phetha thato ya hae hodima Babilona, letsoho la hae le lwantshe Bakalde.


Ke tla kgutsisa kgalefo ya ka jwalo, eo ke o halefetseng ka yona, mme poulelo ya ka e tla o tlohela; ke tla kgutsa, ke se ke ka hlola ke halefa.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe.


Samsone a re ho bona: Leha le entse jwalo, ke tla boela ke iphetetse ho lona, ke ntano tlohela.


Modimo o neetse marena a mabedi a Midiane, Orebe le Seebe matsohong a lona; mme nna, ke entse mosebetsi ofe o ka bapiswang le wa lona na? Eitse hobane a ba buise jwalo, bohale ba bona ba kokobela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos