Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba le re ho nna: Lona ke thohako e tswelang hodima lefatshe, hobane e mong le e mong ya utswang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ngotsweng ka nqa e nngwe ho lona, mme e mong le e mong ya hlapanyang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ka nqa e nngwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Yaba le re ho nna: “Bukeng ena ho ngotswe thohako e tla aparela naha kaofela. Ka lehlakoreng le leng thohako ena e bolela hore leshodu le leng le le leng le tla timetswa, ka ho le leng e bolela hore mang le mang ya hlapanyang ka leshano le yena o tla timetswa.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 5:3
42 Referencias Cruzadas  

Ya arolelanang le leshodu o hloile moya wa hae; leha a hlapantshwa, ha a senole letho.


Thohako ya Jehova e ka tlung ya moetsadibe, empa o hlohonolofatsa ntlo ya ba lokileng.


esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


Ka baka leo, thohako e ja naha, ba ahileng teng ba otlwa ke hona; ke ka baka leo batho ba naha eo ba tjheswang, mme ba phonyohang ha ba bakae.


Ke ka baka leo ke nyedisitseng marena a sehalalelo, mme ka neela Jakobo ho rohakwa, le Iseraele ho nyediswa.


Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.


Hobane lefatshe le tletse bafebi; lefatshe le lla ke dithohako, makgulo a nahathothe a tjhele. Metsamao ya bona e mebe, matla a bona ke a sa lokang.


ke tla etsa ntlo ena jwaloka Silo, le motse wona ke o etse ntho e tla rohakwa ke ditjhaba tsohle tsa lefatshe.


Leha ba re: Jehova o a phela, leha ho le jwalo, ba ana ka leshano.


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


Eitse ha ke tadima, ka bona letsoho le nnanabelang, ka bona le tshwere buka e phuthilweng.


Baiseraele kaofela ba tlotse molao wa hao, ba kgelohile hore ba se utlwe lentswe la hao, mme thohako le hlapaolo tse ngodilweng molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di wetse hodima rona, hobane re o sitetswe.


Ho a hlapanngwa, ho a thetswa, ho a bolawa, ho a utsuwa, ho a fejwa, ho tsohelwa batho matla, mme madi a ntse a tshollwa hodima madi a mang.


Le se ke la utswa, mme le se ke la thetsana ka mashano, leha e le ho phoma ba bang.


Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona.


Ke e ntshitse, ho bolela Jehova wa makgotla, mme e tla kena tlung ya leshodu, le tlung ya ya hlapanyang ka lebitso la ka ka bohata; e tla dula kahara ntlo ya hae, e tle e e fedise, le difate tsa yona, le majwe a yona.


le se ke la rerela banababo lona kotsi pelong tsa lona, le se ke la rata kano ya leshano; hobane tseo tsohle ke di hloile, ho bolela Jehova.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


O tla busetsa dipelo tsa bontate ho bara ba bona, le pelo tsa bara ho bontata bona, hore ke se tshohe ke etla, mme ka otla lefatshe ka ho le timeletsa.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


hobane le tla wela ba ahileng lefatsheng lohle jwaloka sefi.


Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.


a ntse a tseba hoba molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo le ba hanang ho utlwa, le ba hanang ditaba tsa Modimo, le baetsadibe, le dihlola, le banyefodi, le ba bolayang bontata bona, le ba bolayang bomma bona, le ba bolayang batho,


Haholoholo, banabeso, se hlapanyeng, leha e le ka lehodimo, leha e le ka lefatshe, leha e le ka kano efe le efe; empa e ya lona e ke e be e, le tjhe ya lona e be tjhe, le tle le se ke la tshoha le wela kahlolong.


Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.


Hoo re tla ba etsetsa hona, re tla ba tlohela ba phele, esere mohlomong ra halefelwa ka baka la kano eo re ba hlapanyeditseng ka yona.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos