Sakaria 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)9 hobane ke ya tsokotsa letsoho la ka hodima tsona, di tla hapjwa ke ba neng ba di sebeletsa, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile. Ver CapítuloBIBELE9 Ke tla otlollela letsoho la ka hodima bona, mme ba tla lobelwa ke ba kileng ba ba sebeletsa. Ke hona le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme. Ver Capítulo |
Ka baka leo, Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re: Ke a phela, ke re, Moabe o tla ba jwaloka Sodoma, bana ba Ammone ba be jwaloka Gomorra, e leng lefa la bobatsi, le dikgatampi tsa letswai, le nahathothe ka ho sa feleng; masala a setjhaba sa ka a tla ba lobela, le se setseng sa batho ba ka, se tla ba rua ka mokgwa wa lefa.