Sakaria 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)13 Lona dibopuwa tsohle, tholang pela Jehova! hobane o tsohile bodulong ba hae bo kgethehileng. Ver CapítuloBIBELE13 Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.” Ver Capítulo |
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.
Ka baka leo, Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re: Ke a phela, ke re, Moabe o tla ba jwaloka Sodoma, bana ba Ammone ba be jwaloka Gomorra, e leng lefa la bobatsi, le dikgatampi tsa letswai, le nahathothe ka ho sa feleng; masala a setjhaba sa ka a tla ba lobela, le se setseng sa batho ba ka, se tla ba rua ka mokgwa wa lefa.