Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 14:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke ena kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema: nama ya bona e tla bola ba ntse ba eme ka maoto a bona; mahlo a bona a tla bola mekoting ya wona, le maleme a bona a bole melomong ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Lena ke lona lefu la sewa, leo ka lona Morena a tla otla ditjhaba tsohle tse lwantshitseng Jerusalema: Dinama tsa tsona di tla bola, tsona di ntse di phela, mahlo a tsona a sale e le mehoboko, le maleme a tsona a bolle mahalapeng a tsona.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 14:12
34 Referencias Cruzadas  

haele wena, o tla ba malwetseng a maholo ka ho jewa ke mala ka matsatsi le matsatsi, ho fihlela mala a hao a ba a tswela ntle ke ho befa ha bohloko.


E ja letlalo la mmele wa hae; letsibolo la lefu le ja ditho tsa hae.


Matla a bohale ba hao le botshabeho ba kgalefo ya hao ke mang ya di elang hloko?


bonang, ke tsena tseo le nna ke tla le etsa tsona: Ke tla le romela tshabo, le lefu la matshwafo, le febere e tjhesang, e leng tse jang mahlo, tse hlomolang moya; le tla jalla lelea dijalo tsa lona, mme di tla jewa ke dira tsa lona.


Ekare ha le sa nkutlwe ka tseo, ke tla eketsa kotlo hasupa, ke tle ke le otle ka baka la dibe tsa lona.


Ekare ha le ntshetakela, le hana ho nkutlwa, ke tla boela ke eketse kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


le nna ke tla le setakela ka kgalefo, mme le nna ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe.


Ka tsatsi leo, ke tla phehella ho timeletsa ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema.


Mme kotlo ya pere, le ya mulete, le ya kamele le ya esele, le ya diphoofolo tsohle tse diahelong tseo, e tla ba jwalo; e be jwaloka kotlo eo.


Ba moloko wa Egepeta ha ba sa nyolohe, ba sa tle, le bona ba tla otlwa ka kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse sa nyoloheng ho etsa mokete wa Metlotlwane.


Mme Jehova o tla hlaha, a lwantshe ditjhaba tseo, jwaloka mohla a lwanang tsatsing la polao.


la re ho lona: matha, o bolelle mohlankana enwa, o re: Jerusalema o tla ahuwa jwaloka naha e phatlaletseng ka baka la bongata ba batho le ba diphoofolo tse ho wona;


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


Jehova o tla etsa hore lefu le o kgomarele, a be a o fedise lefatsheng leo o yang ho le rua.


Jehova o tla o otla ka lefu la matshwafo, ka febere, ka lefu le fubisang, ka pabo e tjhesang haholo, ka lerumo, ka komello, le ka phori; mme o tla lelekwa ke tsona, o be o timele.


Jehova o tla etsa hore dikotsi tsa hao, le dikotsi tsa ditloholo tsa hao, e be dikotsi tse makatsang, tse kgolo, tse sa feleng kapele, le mafu a mabe a hanellang ho wena.


Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ho sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama tsa sona, mme di se tjhese mollong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos