Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 13:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Etlare ha ba re ho yena: Ke ang maqeba ana a hara matsoho a hao? o tla re: Ke ao ke a entsweng tlung ya metswalle ya ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Haeba e mong a ka mmotsa, a re: ‘Mehwabadi ee ke yang e mmeleng wa hao?’ O tla araba, a re: ‘Ke ya ha ke ne ke shapuwa ke metswalle ya ka ka matlung a yona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 13:6
9 Referencias Cruzadas  

Ba howeletsaka, mme ka mokgwa wa bona, ba itlhabaka ka dithipa le ka marumo, madi a ba a keleketla ho bona.


Empa Jehu a fula ka seqha, a hlaba Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa tla tswa pelong ya hae; mme a wela koloing ya hae.


Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka.


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


Pilato a araba, a re: Na ke Mojuda, na? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o neetse nna; o entseng?


Mosi wa hlokofalo ya bona o nyoloha kamehla le mehla, mme barapedi ba sebata le ba setshwantsho sa sona ba ke ke ba eba le phomolo bosiu le motshehare, leha e le ba amohetseng letshwao la lebitso la sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos