Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hobane ke ya tsosa lefatsheng ya sa tlong ho hlokomela dinku tse timelang; a ke ke a batla e lahlehileng; e robehileng a ke ke a e oka; le e tsamayang a ke ke a e fepa; empa o tla ja nama ya tse nonneng, a be a petsole le ditlhako tsa tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ke tla boela ke bea modisa e mong naheng ena. Yena ha a ka ke a tsotella tse lahlehileng, kapa a batla dikonyana, kapa a phekola tse robehileng, kapa a fepa tse phelang hantle. O tla itjella dinku tse nonneng, a ba kokone le dikgolana tsa tsona.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 11:16
16 Referencias Cruzadas  

Ke dutse ho wena ka dilemo tsena tse mashome a mabedi; dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, le dipheleu tsa mohlape wa hao ha ke a ka ka di ja.


Jakobo a re ho yena: Morenaka, o a tseba hobane bana ba sa ntse ba fokola, mme ke na le dinku le dikgomo tse anyesang; ekare ha di ka potlakiswa ka letsatsi le le leng, mohlape kaofela o ka shwa.


O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa badisa ba disang setjhaba sa ka: Le qhalantse mohlape wa ka, le o hasantse, ha le a ka la o hlahloba; bonang, ke tla busetsa ho lona ka bolotsana ba diketso tsa lona, ho bolela Jehova.


Hojane ebe ba kile ba ema morerong wa ka, ba ka be ba utlwisitse setjhaba sa ka mantswe a ka, ba se sokolla mekgweng ya sona e mebe le bolotsaneng ba diketso tsa bona.


Morena Jehova o re: Bonang, ke ya lwantsha badisa, ke tla batla dinku tsa ka matsohong a bona, ke etse hore ba lese ho disa mohlape; badisa ha ba sa tla itisa, ke tla namolela mohlape wa ka melomong ya bona, ha e sa tla ba dijo tsa bona.


Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.


Erekaha le sututsa ka lehlakore le ka lehetla, le thesela dinku tsohle tse tepeletseng ka manaka a lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle,


Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.


Kannetenete ke re ho lona: Ya sa keneng ka monyako lesakeng la dinku, a mpa a tlolela teng kahosele, ke leshodu le senokwane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos