Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 11:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka re ho mohlape: Ha ekaba e le ntho e molemo mahlong a lona, nneeng moputso wa ka; ha ho se jwalo, o tloheleng. Yaba ba ntekanyetsa moputso wa ka, ya eba tjhelete tse mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Yaba ke re ho bona: “Haeba le bona ho lokile, ntefeng moputso wa ka; ho seng jwalo le itjelle wona.” Yaba ba ntefa moputso wa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 11:12
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o dumela Efrone; Abrahama a lekanyetsa Efrone ditjhelete tseo a di boletseng, bara ba Hethe ba mametse: dishekele tsa silefera tse makgolo a mane tsa tseo ho rekwang ka tsona ho bahwebi.


Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.


Akabe a botsa Nabothe, a re: Nnee tshimo ya hao ya merara, ke e etse tshimo ya meroho, hobane e haufi le ntlo ya ka; bakeng sa yona ke tla o nea tshimo ya merara e e fetisang; kapa ha o rata, ke tla o nea tjhelete e lekaneng ho e reka.


Mme jwale, laela o re, batho ba hao ba nthomele dikedare Lebanone; bahlanka ba ka ba tla tlatsana le bahlanka ba hao; ke tla o nea moputso wa bahlanka ba hao, kamoo o tla mpolella kateng; hobane o a tseba hoba ha ho motho ho rona ya tsebang ho rema difate jwaloka Basidone.


Taba eo ya loka mahlong a morena le mahlong a phutheho yohle;


Ha kgomo e hlabile lekgoba la monna kapa la mosadi, monga lona o tla lefelwa ka dishekele tse mashome a mararo tsa silefera, kgomo yona e tlepetswe.


Ka ithekela tshimo ya Hanameele, ngwana rangwane, e Anathothe, ka mo lekanyetsa ditjhelete, e leng dishekele tsa silefera tse leshome le metso e supileng.


haele mosadi, o tla mo lekanyetsa ka dishekele tsa silefera tse mashome a mararo.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo.


ba di ntshitse ho reka tshimo ya mmopi, jwalokaha Morena a ne a ntaetse.


Ke moo ho etsahetseng ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: Ba nkile ditjhelete tse mashome a mararo, theko ya ya lekanntsweng, eo bara ba Iseraele ba mo lekantseng jwalo,


Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos