Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ha moditjhaba, ya ahileng le lona, a etsa Paseka ya Jehova, o tla e etsa ka taelo ya Paseka le ka molao wa yona. Ho tla ba molao o le mong bakeng sa lona, bakeng sa moditjhaba, le ya tswaletsweng ha eno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “ ‘Ha mojaki ya jakileng hara lona a rata ho etsetsa Morena mokete wa Paseka, o tla o etsa ho ya ka taelo ya wona le ka molao wa wona; a o etse jwalo. Le tla ba le molao o le mong bakeng sa mojaki le bakeng sa letswallwa la naha.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:14
14 Referencias Cruzadas  

Bana ba Iseraele ba kgutlileng kgolehong ba eja, ba ena le bohle ba hlobohaneng le ditshila tsa ditjhaba tsa lefatshe ho tla ikopanya le bona ho batla Jehova, Modimo wa Iseraele.


Jehova a re ho Moshe le ho Aarone: Taelo ya Paseka ke ena: Ha ho motho wa moditjhaba ya tlang ho e ja.


Phutheho ya Iseraele kaofela e tla etsa taba ena.


Hape, o se ke wa kgwahlapisa morara wa hao, mme o se ke wa thonaka ditholwana tse weleng merareng. O di tlohelle bafumanehi le moditjhaba. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Le se ke la amohela tse jwalo matsohong a baditjhaba ho etsa ka tsona sejo sa Modimo wa lona, hobane di holofetse, di na le dikodi; di ke ke tsa dumellwa ke hona.


Le tla ahlola moditjhaba le ya tswaletsweng hae ka molao o le mong, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


O tla bala dilemo ho tloha ho Jubile, ha o ithekela ho wa heno, mme o tla o rekela ka ho lekanya palo ya dilemo tsa ho kotula.


Molao o tla ba mong wa phutheho, wa lona le wa moditjhaba ya aheletseng hara lona; e be molao wa kamehla melokong ya lona; kamoo ho leng kateng bakeng sa lona, le bakeng sa modijhaba ho tla ba jwalo pela Jehova.


Molao o tla ba mong le mokgwa o tla ba mong ho lona le ho moditjhaba ya aheletseng hara lona.


le bana ba lona, le basadi ba lona, le moditjhaba ya leng ho wena diahelong tsa hao, ho qala ka ya o rathelang patsi, ho isa ho ya o kgellang metsi;


O tla phutha setjhaba, banna, le basadi, le bana, le moditjhaba ya metseng ya hao, ba tle ba utlwe, mme ba ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho etsa ditaba tsohle tsa molao ona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos