Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 8:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ruri ke neile Aarone le bara ba hae Balevi hara bana ba Iseraele, ba tle ba etsetse bana ba Iseraele tshebetso ya tente ya pokano, mme ba etsetse bana ba Iseraele pheko hore kotsi e se ke ya hlahela bana ba Iseraele, mohla bana ba Iseraele ba atamelang sehalalelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba neile Arone le bara ba hae, hore Balevi ba tle ba sebeletse bana ba Iseraele ka Tenteng ya Morena, ba etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe hore ho se tshohe ho eba le sewa hara bana ba Iseraele, ha ba atamela Sehalalelong.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 8:19
12 Referencias Cruzadas  

Bana ba Iseraele kaofela ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng; ba fela ba etsa jwalo.


o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Moshe a re ho Aarone: Nka pitsa ya dibano, o kenye ho yona mollo o tswang aletareng, o e tshele le dibano, o ye ho phutheho kapele, o e etsetse pheko; hobane kgalefo e tswile ho Jehova, lefu le se le qalehile.


Ke nkile Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.


Moshe, le Aarone, le phutheho yohle ya bana ba Iseraele ba etsa bakeng sa Balevi tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe bakeng sa Balevi: bana ba Iseraele ba fela ba etsa jwalo bakeng sa bona.


Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng (le ba dikete tse mashome a mahlano), mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos