Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 7:62 - Sesotho 1909/1961 (SO)

62 le pitsa ya kgauta ya dishekele tse leshome, e tletseng dibano;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

62 Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso.

Ver Capítulo Copiar




Numere 7:62
11 Referencias Cruzadas  

Lesika la hae le tla ba matla lefatsheng, mme ditloholo tsa ya lokileng di tla hlohonolofala.


Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.


Morena eo o tla hlaba selekane se matla le ba bangata ka veke e le nngwe, mme mahareng a veke o tla fedisa sehlabelo le nyehelo; mme manyala a tshenyo a tla dula tempeleng, ho fihlela bofediso bo laetsweng bo wela hodima mosenyi.


Kabelo ya hae ya eba mokeke wa silefera, boima ba wona e le dishekele tse lekgolo le mashome a mararo; le morifi wa silefera wa dishekele tse mashome a supileng, e leng dishekele tsa sehalalelo; tse pedi tseo di ne di tletse lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo;


le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso;


ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.


Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


Eitse hobane e nke buka eo, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba kgumama pela Konyana, ba nkile, e mong le e mong, harepa le pitsana ya kgauta e tletseng tse monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.


Ha tla lengeloi le leng, la ema aletareng, le tshwere pitsa ya kgauta ya ho tjhesa dibano, mme la newa dibano tse ngata, hore le di hlahise le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta, e pela terone.


Mosi wa dibano o tswang letsohong la lengeloi wa nyolohela ho Modimo, o ena le merapelo ya bahalaledi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos