6 Yaba Moshe o nka makoloi le dipholo, a di nea Balevi.
6 Moshe a amohela makoloi le dipholo, a di abela Balevi.
Mme, jwale, o filwe tokelo ke nna, etsang hona: nkang naheng ya Egepeta makoloi a latang bana ba lona, le basadi ba lona; mme le nke ntata lona, le tle.
Tabernakele ya qhaqhollwa: yaba bara ba Gershone le bara ba Merari ba tloha, ba jere tabernakele.
Amohela dintho tseo ho bona, ho tle ho etswe tshebetso ya tente ya pokano ka tsona; o di abele Balevi, o nee e mong le e mong ka tshebetso ya hae.
A nea bara ba Gershone, ka ho lekanyetsa mosebetsi wa bona, makoloi a mabedi le dipholo tse nne;