Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Etlare hobane a mo nose metsi ao, ho tla etsahala hore, ha a fela a itshentse, mme a sitetswe monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba; mpa ya hae e tla kokomoha, letheka la hae le omelle, mme mosadi eo e tla ba thohako hara setjhaba sa habo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Ha a se a mo nwesitse metsi ao, mme eba o silafetse, o sitetswe monna wa hae, metsi ao a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae, a mo lomise mala, ebe mpa ya hae e a hohomoha, o fetoha nyopa. Mosadi eo e tla ba mohlala wa motho ya rohakilweng hara setjhaba sa habo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:27
18 Referencias Cruzadas  

O ne a ipopa ka thohako jwaloka hola ke kobo, ya monyella ka ho yena jwaloka metsi, le jwaloka ole masapong a hae.


Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.


Le tla siela bakgethwa ba ka lebitso la lona e le thohako, mme Morena Jehova o tla le bolaya; haele bahlanka ba hae, o tla ba bitsa ka lebitso le leng,


Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.


Ke tla ba phallela ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa; ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, e nne e be thohako, le makatso, le sesomo, le nyediso hara ditjhaba tsohle moo ke qhalanyetsa teng;


Ho tla nkwa lentswe la thohako ho bona ke ba kgoleho kaofela ba Juda ba leng Babilona, ba tla re: Jehova a ke a o etse jwaloka Tsedekia le jwaloka Akabe, bao morena wa Babilona a ba tjhesitseng mollong.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Jwalokaha nkile ka tshollela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima baahi ba Jerusalema, ke tla tshollela kgalefo ya ka hodima lona, ha le ka ya Egepeta; le tla etswa nyefolo, le makatso, le thohako, le nyediso, mme le ke ke la boela la bona nqalo ena.


Ke tla tshwara ba setseng ba Juda ba pheheletseng ho kena lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba timele kaofela; ba tla wa lefatsheng la Egepeta, ba timele ke lerumo le tlala, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba shwe ke lerumo le tlala, ba etswe thohako, le sebabatso le manyala, le hlapa.


Jwalokaha le kile la ba thohako hara ditjhaba, lona ntlo ya Juda, le lona ntlo ya Iseraele, ke tla le pholosa jwalo, mme le tla ba hlohonolofalo. Se tshoheng, matsoho a lona a ke a tiye!


Empa ha wena o leng matleng a monna, o mo furaletse, o bile o itshentse, ha monna osele ho monna wa hao a kile a robala le wena ...


Empa ha mosadi a sa ka a itshenya, mme ha a hlwekile, a ke ke a hlahelwa ke letho, mme o tla nne a emole.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


ho ba bang re monkgo wa lefu, o bolayang; ho ba bang re monkgo wa bophelo, o phedisang. Empa ke mang ya ka lokelang tse kalo?


mme o tla fetoha makalo, le sesomo, le tshomo hara ditjhaba tsohle tseo Jehova a tla o isa hara tsona.


haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos