Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 empa ba se ke ba kena ho ya bona dintho tse kgethehileng leha e le ka motsotsonyana, esere ba eshwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 empa ba se ke ba kena ho sheba dintho tse halalelang leha e le ka motsotswana feela, esere ba eshwa.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:20
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o re ho Moshe: Theoha, o laele setjhaba, ba se tshohe ba phunyelletsa ka ho Jehova ho tla boha, mme ha eshwa ba bangata ho bona.


Yaba mollo o tswa pela Jehova, wa ba tjhesa; mme ba eshwa pela Jehova.


O tla bea dibano hodima mollo pela Jehova, hore sesi sa dibano se aparele sekwahelo se kwahetseng bopaki, hore a se tlo shwa.


Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.


Ba tla boloka seo o tla ba laela sona, le tsa tente yohle; empa ba se ke ba atamela mesebetsi ya sehalalelo, leha e le aletare, esere mohlomong ba timela, hammoho le lona.


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


le mpe le ba etsetse hona, ba tle ba phele, mme ba se ke ba eshwa, ha ba tshoba ba atamela sehalaledisiso: Aarone le bara ba hae ba ke ba kene, ba ba laele e mong le e mong mosebetsi wa hae le phahlo ya hae,


Jehova a bua le Moshe, a re:


Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng (le ba dikete tse mashome a mahlano), mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos