Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ha bara ba Gade le bara ba Rubene ba tshela Jordane le lona, ba hlomeletse ho lwana pela Jehova ho fihlela ha naha e bewa tlasa lona, le tla ba nea naha ya Gileade, ba e rue.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 a re ho bona: “Haeba bara ba Gade le bara ba Rubene, ba ka tshela Jorodane le lona, ho ya lwana moo Morena a ntseng a ba bona, mme ka bahlabani bohle ba bona ba hlometseng, yaba le hapa naha, le tle le ba nee naha ya Gileade, e be lefa la bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:29
10 Referencias Cruzadas  

re ntoo phakisa ho hlomela, re etelle bana ba Iseraele pele, re be re ba kenye naheng ya bona; bana ba rona bona ba tla sala metseng e dikilweng ka marako ka baka la baahi ba naha.


Bakeng sa bona, Moshe a laela Eleasare moprista, le Joshua mora Nune, le dihlooho tsa matlo a meloko ya bana ba Iseraele, a re ho bona:


Empa ha ba sa ye le lona ba hlometse, ba tla aha hammoho le lona naheng ya Kanana.


Ke bona bao Moshe, mohlanka wa Jehova, le bana ba Iseraele ba neng ba ba hlotse; Moshe, mohlanka wa Jehova, a nea fatshe leo ho Barubene, le ho Bagade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, hore ba le rue.


le Gileade, le naha ya Bageshure, le ya Bamaakathe, le thaba yohle ya Hermone, le Bashane kaofela, ho isa Salka;


Hobane Moshe o ne a neile meloko e mmedi le mothapo o mong wa leloko le leng lefa la yona mose wane wa Jordane; empa ha a ka a nea Balevi lefa hara bona,


Haele Balevi, ha ba na kabelo le lona, etswe boprista ba Jehova e le lefa la bona; Bagade le Barubene le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba se ba nkile mafa a bona mose wane wa Jordane nqa botjhabela, e leng ao Moshe, mohlanka wa Jehova, a ba neileng wona.


Ebile bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba ikgutlela, ba siya bana ba Iseraele Silo, fatsheng la Kanana, ba ya naheng ya Gileade, e leng naha ya lefa la bona, eo ba neng ba e ruile, jwalokaha ho ne ho boletse Jehova ka Moshe.


Kamora hae, ha hlaha Jaire, Mogileade; yena a ahlolela Iseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi.


Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos