Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 31:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba Moshe o bua le setjhaba, a re: Hlomellang banna ba lona ba ka yang ntweng, ba futuhele Bamidiane, hore ba phethe phetetso ya Jehova hodima Bamidiane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Yaba Moshe o bua ho setjhaba, o re: “Hlomellang bahlabani ba lona ba ye ntweng, ba futuhele Bamidiane ho phethahatswe boiphetetso ba Morena ho Bamidiane.

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:3
12 Referencias Cruzadas  

Jehova a ntoo re ho Jehu: Erekaha o phethile hantle tse leng ntle mahlong a ka, wa etsa ka ntlo ya Akabe ka tsohle tse neng di le pelong ya ka, bara ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.


O tla timetsa ba ntlo ya Akabe, monga hao, ke tle ke phetetse ho Jesebele madi a baporofeta, bahlanka ba ka, le madi a bahlanka bohle ba Jehova.


A re: Hobane letsoho la Amaleke le ile la phahamela terone ya Jehova, ntwa ya Jehova e tla nne e be teng ho Amaleke kamehla le mehla.


Tsatsi leo ho Morena, Jehova wa makgotla, ke tsatsi la tefetso, ho itefeletsa ho bao e leng dira ho yena. Lerumo le ya nne le je, le kgore, le tahwe ke madi a bona; hobane ke sehlabelo sa Morena, Jehova wa makgotla, lefatsheng la Leboya, nokeng ya Eufrate.


Lentswe la ba balehang le la ba phonyohang lefatsheng la Babilona le utlwahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ya Jehova, Modimo wa rona, ya ho itefelletsa tempele ya hae.


Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.


Finease, mora Eleasare, mora wa moprista Aarone, o kgelositse bohale ba ka hodima bana ba Iseraele, kahobane a mpouletse hara bona; ke ka baka leo ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele poulelong ya ka.


E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.


Le tla romela ntweng banna ba sekete ka leloko le leng le le leng ho meloko yohle ya Iseraele.


Bokang Jehova! hobane banaila ba eteleditse Baiseraele pele ntweng, le sona setjhaba se itlisitse teng ka ho rata.


Rohakang Merose, ha rialo lengeloi la Jehova! Rohakang, rohakang ba ahileng teng, hobane ha ba ka ba tla ho tlatsa Jehova, ho tlatsa Jehova hammoho le bahale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos