Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 29:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka kgwedi ya bosupa, ka tsatsi la pele la kgwedi, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. E tla ba letsatsi la ho letsa diterompeta haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ho tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ho lona e tla ba letsatsi la ho letsa terompeta.

Ver Capítulo Copiar




Numere 29:1
21 Referencias Cruzadas  

Baiseraele bohle ba lata areka ya selekane sa Jehova jwalo ka ditlatse le ka ho letsa diphala, ka diterompeta le disimbala, le ka ho letsa diviole le diharepa.


Ho qala ka tsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ba hla ba qala ho hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso; empa ke ha tempele ya Jehova e eso ho thewe.


Jwale baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le bao e leng batho feela, le Banethinime, le Baiseraele bohle, ba aha metseng ya bona. Eitse ha ho thwasa kgwedi ya bosupa, bana ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ya bona.


Ka tsatsi le qalang kgwedi ya bosupa, Esdrase, moprista, a tlisa molao pela phutheho ya banna le basadi le bohle ba ka bang le kelello ya ho utlwisisa;


Ke kgwedi e ntjha, letsang phala; ke kgwedi e tolokileng, tsatsi la mokete wa rona!


Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang pitso ya terompeta! Se tsamaya leseding la sefahleho sa hao, Jehova,


O boloke mokete wa kotulo, e leng dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, tsa tseo o nong o di jadile masimong: o boloke le mokete wa kotulo, ha ho fela selemo, e leng mohla o bokellang mofufutso wa mosebetsi wa hao masimong.


O etse mokete wa dibeke, e leng wa dilopotsiya tsa kotulo ya koro, le mokete wa kotulo, ha selemo se fela.


Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.


Jehova a boela a re ho Moshe:


Ka letsatsi la pele, le tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.


Jehova o tla hlaha, a phahame kahodimo ho bona; motsu wa hae o tla hlaha jwaloka lehadima: Morena Jehova o tla letsa terompeta, o tla tsamaya a le difefong tse tswang borwa;


Ka tsatsi la dithakangwaha, ha le hlahisetsa Jehova nyehelo e ntja, e leng ka mokete wa lona wa diveke, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.


Ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. Le tla etsetsa Jehova mokete ka matsatsi a supileng.


Le tla hlahisa setjheso se monko o monate ho Jehova sa pohwana, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse se nang sekodi, tse lemo se le seng;


Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, le tla ba le phutheho e phahameng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos